Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 10:26 - BIBELE

26 Le diphoofolo tsa rona di tla ya le rona ha ho na ho sala leha e le nngwe feela, hobane ho tsona re tla kgetha tse tla sebeletsa Morena Modimo wa rona. Ha re ka ke ra tseba seo re tla sebeletsa Morena ka sona, ho fihlela re fihla teng.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 E ka kgona le mehlape ya rona e tsamaye le rona; ho ke ke ha sala le tlhako, hobane re tla nka ho tsona, ha re sebeletsa Jehova, Modimo wa rona; etswe re ke ke ra tseba hoba e ka kgona re nyehelle Jehova ka dife, ho fihlela re ba re fihla teng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 10:26
12 Referencias Cruzadas  

Yaba Moshe o re: “Le wena he, o tlameha ho re nea diphoofolo tsa sehlabelo le tsa setjheso, re tle re etsetse Morena Modimo wa rona, sehlabelo.


Moshe a re: “Re tla ya le bana ba rona, le maqheku a rona; re tla ya le bara ba rona, le baradi ba rona; le mehlape ya rona ya dinku, le mehlape ya rona ya dikgomo, hobane re lokela ho etsetsa Morena mokete.”


Le nke mehlape ya lona ya dinku, le mehlape ya lona ya dikgomo, jwalokaha le ile la bolela; le tsamaye, mme le nna le ntlhohonolofatse!”


Re tshwanetse ho nka leeto la matsatsi a mararo, re ye lehwatateng, re yo etsetsa Morena Modimo wa rona, sehlabelo, kamoo a ka re laelang kateng.”


Tlotla Morena ka maruo a hao, le ka lopotsiya tsohle tsa dijalo tsa hao.


Phaello eo e tla e fumana ka kgwebo ya yona e tla e abela Morena. E ke ke ya boloka phaello eo ho ithuisa ka yona, empa e tla newa ba kgumamelang Morena, mme bona ba tla kgora, ba apare tse majabajaba.


Ba tla ya ka mehlape, ya dikgutshwane le ya makgomo, ba ye ka yona ho ya batla Morena, empa ha ba ka ke ba mo fumana, hobane yena o arohane le bona.


Mohla tsatsi leo, mantswe ana a tla ngolwa hodima ditshepe tse melaleng ya dipere, ho thwe: “Ke tse kgethetsweng Morena.” Dipitsa tsa ho pheha tse ka Tempeleng ya Morena, di tla ka mafiswana a kapele ho aletare.


Ka thato ya Modimo, di ile tsa ikabela Modimo pele, tsa nto ikabela le rona, le ho feta kamoo re neng re lebeletse kateng.


Ka tumelo Aborahama o ile a mamela ha Modimo a mmitsa, mme a fallela naheng e tlang ho ba lefa la hae; a tloha a sa tsebe moo a yang teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos