Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 10:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 E ka kgona le mehlape ya rona e tsamaye le rona; ho ke ke ha sala le tlhako, hobane re tla nka ho tsona, ha re sebeletsa Jehova, Modimo wa rona; etswe re ke ke ra tseba hoba e ka kgona re nyehelle Jehova ka dife, ho fihlela re ba re fihla teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Le diphoofolo tsa rona di tla ya le rona ha ho na ho sala leha e le nngwe feela, hobane ho tsona re tla kgetha tse tla sebeletsa Morena Modimo wa rona. Ha re ka ke ra tseba seo re tla sebeletsa Morena ka sona, ho fihlela re fihla teng.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 10:26
12 Referencias Cruzadas  

Moshe a re: E ka kgona o re fe matsohong tseo re tlang ho etsetsa Jehova, Modimo wa rona, mahlabelo le ditjheso ka tsona.


Moshe a re: Re tla ya, re na le bahlankana ba rona le maqheku a rona; re ye le bara ba rona le baradi ba rona, ka manku a rona le makgomo a rona, hobane re etsetsa Jehova mokete.


Le nke le manku a lona, le makgomo a lona, kamoo le boletseng kateng, le tsamaye, le be le ntlhohonolofatse.


Re tla ya leeto la matsatsi a mararo feelleng, e be hona re hlabelang Jehova, Modimo wa rona kamoo a tlang ho re bolella kateng.


Tlotlisa Jehova ka moruo wa hao, le ka dilopotsiya tsa tsohle tse o atetseng.


Empa leruo la hae le moputso wa hae di tla kgethelwa Jehova, di ke ke tsa bokellwa hammoho, leha e le ho bolokwa, empa leruo la hae le hwebilweng e tla ba la ba emang pela Jehova, ba tle ba kgore hantle, mme ba apeswe ka bokgabane.


Ka dinku tsa bona le ka makgomo a bona ba tla Jehova, empa ba ke ke ba mo fumana: o ba furaletse.


Ka tsatsi leo, ho tla be ho ngotswe diklokonyaneng tse dipereng: Kgalalelo ya Jehova; le tsona dipitsa tse ka tlung ya Jehova di tla ba jwaloka merifi e pela aletare.


Mme ha ba ka ba etsa feela kamoo re neng re lebeletse kateng, empa ba qadile ka ho ineela Morena le rona, ka thato ya Modimo.


Ka tumelo, Abrahama, mohla a bitswang, o kile a utlwa, a fallela naheng eo a tlang ho e newa ka mokgwa wa lefa, mme a falla a sa tsebe moo a yang teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos