Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 10:25 - BIBELE

25 Yaba Moshe o re: “Le wena he, o tlameha ho re nea diphoofolo tsa sehlabelo le tsa setjheso, re tle re etsetse Morena Modimo wa rona, sehlabelo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Moshe a re: E ka kgona o re fe matsohong tseo re tlang ho etsetsa Jehova, Modimo wa rona, mahlabelo le ditjheso ka tsona.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 10:25
8 Referencias Cruzadas  

Jwale Nowe a hahela Morena aletare, mme a kgetha diphoofolong tsohle tse sa ileheng, le dinonyaneng tsohle tse sa ileheng, mme ka tsona a etsa sehlabelo sa setjheso aletareng.


Yaba Faro o bitsa Moshe, o re ho yena: “Tsamayang, le yo sebeletsa Morena! Feela mehlape ya lona ya dinku le ya dikgomo, yona le e siye. Bana ba lona bona ba ka ya le lona.”


Le diphoofolo tsa rona di tla ya le rona ha ho na ho sala leha e le nngwe feela, hobane ho tsona re tla kgetha tse tla sebeletsa Morena Modimo wa rona. Ha re ka ke ra tseba seo re tla sebeletsa Morena ka sona, ho fihlela re fihla teng.”


“ ‘O tla nketsetsa aletare e bopilweng ka mobu, mme hodima yona o etsetse mahlabelo a ditjheso, le mahlabelo a hao a teboho, e leng dinku tsa hao, le dikgomo tsa hao. Dibakeng tsohle tseo ke di kgethileng, hore a nkgumamelle ho tsona, ke tla tla ho uena, ke o hlohonolofatse.


Arone o tla tlisa phooko eo lotho le e ntshitseng e le ya Morena, mme ka yona a etse nyehelo e tlosang sebe.


Jwale Arone a phahamisetsa matsoho a hae nqeng ya setjhaba, mme a se hlohonolofatsa. Hoba a etse nyehelo e tlosang sebe, le nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho, a theoha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos