Amose 4:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)10 Ke ne ke romele hara lona lefu la sewa, le tshwanang le la Egepeta, ke ne ke bolaye bahlankana ba lona ka lerumo, dipere tsa lona tsa hapuwa, monko o tswang diahelong tsa lona ka o fihlisa dinkong tsa lona; leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna, ho bolela Jehova. Ver CapítuloBIBELE10 “Ka le otla ka mafu a sewa, ka le otla sa mohla ke otlang Egepeta. Bahlankana ba lona ka ba bolaya ka sabole, ka bolaya le dipere tsa lona, pere tse hapilweng. Seputa se ka diahelong tsa lona sa le nkgela, leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena. Ver Capítulo |
Ka baka leo, Morena a ke ke a kgahliswa ke ba batjha ba sona, a ke ke a hauhela dikgutsana le bahlolohadi ba sona, etswe e le ba kgopo le ba bolotsana kaofela ha bona, mme molomo wa e mong le e mong o bua dinyefolo feela. Ha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.
Haele sera seo se tswang nqa leboya, ke tla se tlosa hara lona, ke se lelekele lefatsheng le sebataolo, le omileng; makgotla a sona a etellang pele ke tla a akgela lewatleng la Botjhabela, le a morao a qeteletseng ke a akgele lewatleng la Bophirimela; monko wa sona o tla phahama, le ho bola ha sona ho nyolohe, hobane se re, se entse tse kgolo.