Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 4:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ke ne ke otle koro ya lona ka phori le boroku; masimo a lona a mangata a difate le a merara, le difeiye tsa lona, le mehlwaare ya lona ya jewa ke tsie, mme leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna, ho bolela Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 “Ka le otla, ka senya dirapa tsa lona, ka senya masimo a lona a morara, ka a senya ka phori le ka boroku. Ditsie tsa kokona difeiye le mehlwaare ya lona, leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar




Amose 4:9
21 Referencias Cruzadas  

Leha tlala e wele lefatsheng, leha e le lefu la sewa, leha e le boroku, kapa ho le phori, leha ho wele tsie, kapa hlafa, leha dira tsa bona di ka ba qotsetsa lefatsheng la metse ya bona; leha ho hlahile lefu le befang, leha e le pabo efe le efe;


Leha tlala e wele lefatsheng, leha e le lefu la sewa, leha e le boroku, kapa phori, leha ho wele tsie, kapa hlafa, leha dira tsa bona di ka ba qotetsa lefatsheng la metse ya bona, leha ho hlahile tlokotsi efe le efe, kapa pabo efe le efe,


Le ya nne le otlwe ho isa kae, haele moo le ntse le eketsa ho ikgantsha? Hlooho yohle e bohloko, pelo yohle e a kula.


Bonang, lona kaofela bao le hotetsang mollo, bao le tshwarang dirumula, le tla wela malakabeng a mollo wa lona le hara dirumula tseo le di hoteditseng. Le tla welwa ke ntho tseo, di etswa letsohong la ka, le rapalle bohlokong.


Basiria botjhabela, le Bafilesta bophirimela, hore ba je Iseraele ka molomo o ahlamileng. Leha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.


Leha tseo kaofela di le jwalo, Juda ya sa tshepehang, ngwanabo, ha a ka a boela ho nna ka pelo yohle, ha mpa ha eba ka leshano, ho bolela Jehova.


Jehova, ha ke re, mahlo a hao a lemohile nnete? Wa ba otla, ba mpa ba sa utlwe bohloko; wa ba fedisa, ba mpa ba hana ho amohela tayo; ba hlile ba ithatafaditse difahleho ho fetisa lefika, ba hana ho sokoloha.


Efraime a ke ke a kgutlela Egepeta, o tla buswa ke Assiria; hobane ba hanne ho kgutlela ho nna.


Se siilweng ke bookgolane, se jelwe ke tsie; se siilweng ke tsie se jelwe ke marutle; se siilweng ke marutle, seongwane se se jele.


Se sentse merara ya ka le difate tsa ka tsa difeiye, se di entse patsi feela; se di ebotse makgapetla a tsona, se di lahletse fatshe, makala a tsona a bile a sweufetse.


ke tla le buseletsa dilemo tse kileng tsa jewa ke bookgolane, le ke tsie, le ke marutle, le ke seongwane, kgotla la ka le leholo leo ke le rometseng hara lona.


Athe ke ne ke le hlahisetse tlala metseng ya lona yohle, le ho hlokeha ha bohobe dinqalong tsohle tsa lona; leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna, ho bolela Jehova.


ba metse e mmedi, e meraro, ba ya ba ntse ba thekesela motseng o mong ho ya nwa metsi, empa ba se ke ba kgolwa; leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna ho bolela Jehova.


Hobane feiye e ke ke ya palesa, mme merara e ke ke ya beha letho; se tshepilweng mohlwaareng se tla ba siyo, masimo a ke ke a hlahisa dijo; manku a tla hlokeha masakeng, ditaleng ha ho sa tla ba le makgomo.


ke le otlile ka phori, le ka boroku, le ka sefako, mesebetsing yohle ya matsoho a lona, empa ha ho e mong ho lona ya kgutletseng ho nna, ho bolela Jehova.


Ke tla le kgalemella sesedi, se tle se se ke sa le senyetsa dijo tsa lefatshe, mme morara o ke ke wa le phutsetsa naheng, ho bolela Jehova wa makgotla.


Jehova o tla o otla ka lefu la matshwafo, ka febere, ka lefu le fubisang, ka pabo e tjhesang haholo, ka lerumo, ka komello, le ka phori; mme o tla lelekwa ke tsona, o be o timele.


Difate tsa hao tsohle, le tse behwang ke lefatshe, di tla senngwa ke makgokolo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos