Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 4:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ke ne ke hlahise ditshenyo hara lona jwaloka mohla Modimo o senyang Sodoma le Gomorra, mme le pholohile jwaloka lefatsa le ntshitsweng mollong; leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna, ho bolela Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 “Ka timetsa le metse ya lona, ka e timetsa sa mohla Sodoma le Gomora; la phonyoha sa fatsa le tshotswe mollong, leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar




Amose 4:11
24 Referencias Cruzadas  

Babilona, letlotlo la mebuso, kganya ya bokgabane ya Bakalde, o tla ba jwaloka metse ya Sodoma le Gomorra, mohla e senngwang ke Modimo.


Ere ho yena: O itebele, empa o itulele, pelo ya hao e se ke ya fokodiswa ke dirumula tseo tse pedi tse kubellang; se tshabe bohale bo tjhesang ba Retsine, le ba Siria, le ba mora Remalia.


Basiria botjhabela, le Bafilesta bophirimela, hore ba je Iseraele ka molomo o ahlamileng. Leha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.


Empa baporofeteng ba Jerusalema ke bone manyala, ho feba le ho tsamaya leshanong; ba tiisa matsoho a ba babe, ba tle ba se ke ba sokoloha e mong le e mong bobeng ba hae. Ho nna kaofela ha bona ba jwaloka Sodoma, baahi ba teng ba jwaloka Gomorra.


Jwalokaha ho kile ha eba ho ripitlweng ha Sodoma le ha Gomorra, le ha metse e mabapa le teng, ho bolela Jehova, ho ke ke ha aha motho leha e le ngwana motho ho ikahela teng.


Jehova, ha ke re, mahlo a hao a lemohile nnete? Wa ba otla, ba mpa ba sa utlwe bohloko; wa ba fedisa, ba mpa ba hana ho amohela tayo; ba hlile ba ithatafaditse difahleho ho fetisa lefika, ba hana ho sokoloha.


Jwalokaha ho kile ha eba mohla Modimo o ripitlang Sodoma le Gomorra, le mathoko a teng, ho bolela Jehova, ka mokgwa o jwalo, ha ho ka ke ha aha motho teng, leha e le ngwana motho ho ikahela teng.


Bohlola bo teng ditshileng tsa hao, athe ke o hlatswitse, mme leha ho le jwalo, ha o a hlweka; ha o sa tla hlakolelwa ditshila tsa hao, ho fihlela ke kgodisa kgalefo ya ka ka wena.


Efraime a ke ke a kgutlela Egepeta, o tla buswa ke Assiria; hobane ba hanne ho kgutlela ho nna.


Oho! nka o lahla jwang, Efraime? Iseraele, nka o tela jwang? Nka o lahla jwang jwaloka Adma? Nka o etsa jwang jwaloka Tseboime? Pelo ya ka e fetoha ka ho nna, mehauhelo ya ka yohle e tsohile.


Athe ke ne ke le hlahisetse tlala metseng ya lona yohle, le ho hlokeha ha bohobe dinqalong tsohle tsa lona; leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna, ho bolela Jehova.


ke le otlile ka phori, le ka boroku, le ka sefako, mesebetsing yohle ya matsoho a lona, empa ha ho e mong ho lona ya kgutletseng ho nna, ho bolela Jehova.


Jehova a re ho Satane: Jehova a ke a o kgalemele, Satane! Jehova ya ikgethetseng Jerusalema a o kgalemele! Enwa na hase lefatsa le ntshitsweng mollong?


Ho jwalokaha Esaia a kile a bolela pele, a re: Hoja Morena wa makgotla a se ke a re siela leloko, re ka be re entswe jwaloka Sodoma, re ka be re tshwana le Gomora.


Ekare ha mosebetsi wa e mong o etjha, yena o tla timellwa ke wona; mme haele yena, o tla pholoha, empa ho tla ba jwaloka hoja a fetile hara mollo.


Jehova o tla nea lefatshe la hao lerole le lehlabathe bakeng sa pula; di tla o wela di tswa hodimo, o be o timele.


le lefatshe lena lohle e le sebabole, le letswai, le ho tjha, le sa jallwe, le sa behe letho, ho se jwang bo melang ho lona, ho tshwana le ho ripitlwa ha Sodoma, le ha Gomorra, le ha Adma, le ha Tseboime, metse e ripitlilweng ke Jehova bohaleng ba hae le kgalefong ya hae;


mme ha o ahlotse metse ya Sodoma le Gomora ka ho e ripitla, le ka ho e fetola molora, hore e be temoso ho ba tlang ho ba banyefodi;


mme le pholose ba bang ka ho ba tshosa, le ba tlose mollong, mme le ile le kobo e nang le ditshila tsa nama.


Ho bile jwalo le Sodoma le Gomora, le metse e ka mathoko a teng, e neng e ineetse bootswa bo le bong, ka ho kgelohela ho batla nama esele; metse eo yohle e beilwe hore e be temoso, ha e ntse e le kotlong ya mollo o sa feleng.


Mme batho ba setseng, ba sa kang ba bolawa ke dikotsi tseo, ha ba ka ba baka mesebetsing ya matsoho a bona, mme ha ba ka ba lesa ho rapela batemona, le medimo ya kgauta, le ya silefera, le ya koporo, le ya majwe, le ya mahong, e sa tsebeng ho bona, le ho utlwa, le ho tsamaya.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos