Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 9:12 - BIBELE

12 Baarame ba tswang botjhabela, le Bafilesita ba tswang bophirimela, ba kwentse Baiseraele bokwiditane: Leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Basiria botjhabela, le Bafilesta bophirimela, hore ba je Iseraele ka molomo o ahlamileng. Leha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 9:12
25 Referencias Cruzadas  

Ka yona nako eo Resine, kgosi ya Arame, a boela a hapa motse wa Elate, mme a leleka Bajuda moo Elate. Baarame ba fihla Elate, mme le kajeno-ya-bokajeno ba sa ahile moo.


Le Bafilesita ba ne ba se ba futuhetse metse e ka mabalane, le e ka borwa ho naha ya Juda, ba hapile Bete-Shemeshe, le Aiyalone, le Gederote, le Soko le metsana ya yona, le Timina le metsana ya yona, le Gimeso le metsana ya yona, mme ba se ba ahile moo.


hobane di metsitse leloko la Jakobo, di fetotse leaho la lona lesupi.


Ruri le tla borabora hara batshwaruwa, kapa le wele hara babolauwa; leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Ka bophirimela ba tla ubella Filesitiya, ba kopanele tjhaba tsa botjhabela ba di senyetse, ba hape Baedomo le Bamoabe, Baamone bona ba buswe ke bona.


Ho madimabe ba yang Egepeta ho kopa thuso, ba tshepileng dipere le boiyane ba kariki tsa ntwa, le bapalami ba dipere hobane e le dinatla, empa ba sa natse Ya Halalelang wa Iseraele, ba sa ipiletse ho Morena ho batla thuso.


Ka baka leo, kgalefo ya Morena e tlokomela tjhaba sa hae, o phahamisitse tsoho la hae, o a ba otla, thaba di a reketla, topo tsa bona eka matlakala hara seterata. Leha ho le jwalo, kgalefo ya hae ha e kgaotse, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Kahoo Morena ha a sa tla thabela batjha ba bona, dikgutsana le bahlolohadi ha a sa ba utlwela bohloko, hobane bohle ba kgopo, ke baetsadibe. Molomo wa e mong le e mong o a nyefola, leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Ba morabe wa Manase ba tla ja ba wa Efraime, ba Efraime ba je ba morabe wa Manase, bobedi ba merabe ena bo je morabe wa Juda; leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Halefela tjhaba tsena tse sa o tsebeng, o halefele batho ba sa ipiletseng ho wena. Tjhaba tsena di metsitse Jakobo, tsa mo metsa bokwiditane, tsa mo timetsa, metse ya hae tsa e fetola nanaola.


Ke tla ba fefera ka fereko ya ho fefera, ke ba feferele menyakong ya motse. Ke tla ba bolaela bana, tjhaba sa ka ke se fedise, hobane tsela tsa sona tse kgopo ha se a di kgeloha.


Empa ya na yare mohla Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a futuhelang naha ena, ra re: ‘A re tsamayeng, re ikeleng Jerusalema, re baleheng mabotho a Bakalatiya le a Baarame.’ Ke ka lebaka lena re phelang mona Jerusalema.”


Apara tse mahwashe, o lle sa mmokotsane, kgalefo e tlokomang ya Morena ha e a re tlohela.


“ ‘Jwale ke otlolletse letsoho la ka hodima hao, ka fokotsa seo ke neng ke o abetse sona, ka neelana ka wena matsohong a ba o hloileng, e leng baradi ba Bafilesita, bao mekgwa ya hao ya bootswa e neng e ba hlabisa dihlong.


Ke tla otlolla letsoho la ka hodima bona, naha ke e fetole nanaola ho tloha lehwatateng le ka Borwa ho ya Ribela, hohle moo ba phelang teng. Ba tla tseba hore ke nna Morena.”


Baiseraele ba ahlolwa ke boikgantsho ba bona, empa ha ba kgutlele ho Morena, Morena Modimo wa bona, kapa ho mmatla, leha tsena di etsahetse.


“Ka le otla ka mafu a sewa, ka le otla sa mohla ke otlang Egepeta. Bahlankana ba lona ka ba bolaya ka sabole, ka bolaya le dipere tsa lona, pere tse hapilweng. Seputa se ka diahelong tsa lona sa le nkgela, leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena.


“Ka timetsa le metse ya lona, ka e timetsa sa mohla Sodoma le Gomora; la phonyoha sa fatsa le tshotswe mollong, leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena.


“Metseng yohle ya lona ke le bolaisitse sekoboto, le metsaneng yohle ya lona bohobe ka bo qephisa, leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena.


Baahi ba metse e mmedi, e meraro, ba phaila, ba ya motseng o le mong, ba phaila jwalo ba ilo nwa metsi; ba a nwa, empa ba se ke be ba kgolwa; leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena.


“Ka le otla, ka senya dirapa tsa lona, ka senya masimo a lona a morara, ka a senya ka phori le ka boroku. Ditsie tsa kokona difeiye le mehlwaare ya lona, leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena.


Batho bana ke ba furaletseng Morena, ba mo furalla, ba se ke ba mmatla, leha e le hona ho ipiletsa ho yena.


Motse ona ha o mamele keletso, kgalemelo le yona ha o e amohele; esita le Morena ha o mo tshepe, ha o ikatametse ho Modimo wa wona.


Mohlang hoo ho etsahalang, ke tla se halefela haholo, ke se furalle, ke se patele sefahleho sa ka. Se tla timela, se hlahelwe ke bomadimabe bo tshabebang le ditsietsi tse ngata. Mohlang oo se tla re: ‘Na hase hobane Modimo wa rona a le siyo kahara rona, ha e le moo re hlahelwa ke bomadimabe boo?’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos