Josefa a re ho banababo: Ke se ke ya shwa, mme Modimo o tla le etela ruri, a le ntshe naheng ena, a le ise naheng eo a hlapanyeditseng Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, hore o tla ba nea yona.
Sofonia 2:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) E tla ba naha ya masala a ntlo ya Juda; teng, ba tla fudisa mehlape ya bona; mantsiboya, ba robale matlung a Ashkelone; hobane Jehova, Modimo wa bona, o tla ba etela, a kgutlise baholehuwa ba bona. BIBELE E tla ba ya masalla a ba ntlo ya Juda, moo a alosetsang mehlape ya wona teng. Mantsiboya a tla botha ka matlung a Ashekelone, Morena Modimo wa wona, a a baballe, a a buseletse boiketlo ba wona.” |
Josefa a re ho banababo: Ke se ke ya shwa, mme Modimo o tla le etela ruri, a le ntshe naheng ena, a le ise naheng eo a hlapanyeditseng Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, hore o tla ba nea yona.
Oho boya, Modimo wa makgotla! tadima o le lehodimong, mme o bone, o ele morara ona hloko!
Setjhaba sa dumela, sa utlwa hoba Jehova o etetse bana ba Iseraele, le hobane o tadimile ho hloreha ha bona; mme ba inama, ba rapela.
Hape, mohlang oo, Morena o tla boela a otlolle letsoho la hae hape la bobedi ho lopolla masala a setjhaba sa hae a siilweng naheng ya Assiria, le Egepeta, le Pathrose, le Ethiopia, le Elame, le Shineare, le Hamathe, le dihlekehlekeng tsa lewatle.
Ba tla fofela nqa bophirimatsatsi ka mahetla a Bafilesta: hammoho ba tla patela bara ba botjhabela, ba tshware Edomo le Moabe, bana ba Ammone ba buswe ke bona.
Mmila o tla ba teng ho masala a setjhaba sa hae a tla phonyoha Assiria, jwalokaha o bile teng ho Iseraele mohla a tlohang lefatsheng la Egepeta.
Hobane Jehova o tla hauhela Jakobo, o sa tla be a ikgethele Iseraele, a ba ahise lefatsheng la bona; baditjhaba ba tla kopana le bona, ba kgomarele ntlo ya Jakobo.
Hobane matlo a borena a tla tlohelwa, motse wa lerata o tla fetoha lesupi; leralla le tora ya sebohodi e be mahaha ka ditshiu le ditshiu, e be thabo ya dipitsi tsa naha le makgulo a mehlape,
Mme nna, ke tla bokella tse setseng tsa mohlape wa ka mafatsheng wohle moo ke di hasanyeditseng teng, ke tla di busetsa makgulong a tsona, di tle di ngatafale, di ate.
Hobane ho itswe ke Jehova: Dilemo tse mashome a supileng etlare ha di se di phethehile bakeng sa Babilona, ke tla le hopola, ke le etsetse ka mantswe a ka a molemo, ke le busetse nqalong ena.
Ke tla nne ke fumanwe ke lona, ho bolela Jehova, mme ke tla busetsa ba lona ba kgolehong, ke le bokelle ditjhabeng tsohle le dinqalong tsohle moo ke le qhalanyeditseng teng, ho bolela Jehova; ke tla le busetsa nqalong ena eo ke le faladitseng ho yona.
Mehleng eo, ntlo ya Juda e tla tsamaya le ntlo ya Iseraele; ba tla tswa hammoho lefatsheng la Leboya, ho ya lefatsheng leo ke le ruisitseng bontata lona.
Hobane bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tla kgutlisa ba kgolehong ba setjhaba sa ka sa Iseraele le sa Juda, ho bolela Jehova, ke ba busetse lefatsheng leo ke le neileng bontata bona, ba tle ba le rue.
Hobane ho itswe ke Jehova: Etsetsang Jakobo ditlatse tsa nyakallo, le thabe le le sehloohong sa ditjhaba; utlwahatsang dithoko, le re: Jehova, pholosa setjhaba sa hao, masala a Iseraele!
Masimo a tla nne a rekwe ka tjhelete, ba tla nne ba ngole mangolo a theko, ba a tiise, ba nke dipaki lefatsheng la Benjamine, le mathokong a Jerusalema, le metseng ya Juda, le metseng e thabeng, le metseng ya lehwatata, le metseng e ka nqa borwa; hobane ke tla busetsa ba hapilweng ba bona, ho bolela Jehova.
Ho itswe ke Jehova: Nqalong ena e dithako, e se nang motho leha e le kgomo, le metseng ya teng, ho sa tla ba teng meraka ya badisa ba bothisang mehlape.
ke busetse ba hapilweng ba Juda le ba hapilweng ba Iseraele, ke boele ke ba ahise jwaloka mehleng ya pele.
Bofatla bo ya ba teng ho Gasa; Ashkelone o tla senngwa hammoho le ho setseng ha lehwatata la bona. O tla iphatsa ho le hokae?
Ha ho le jwalo Morena Jehova o re: Jwale, ke tla kgutlisa ba isitsweng kgolehong ba Jakobo, ke utlwele ntlo yohle ya Iseraele bohloko, ke boulelle lebitso la ka le kgethehileng.
Le wena Juda, o lokiseditswe kotulo, mohla ke lokollang setjhaba sa ka kgolehong ya sona.
Ba ka nqa borwa ba tla rua thaba ya Esau, ba lehwatata ba rue Bafilesta. Ba tla rua le naha ya Efraime, le naha ya Samaria, Benjamine yena a rue Gileade.
Ke tla o bokella, ke o bokelle ruri, wena Jakobo kaofela; ke tla phutha le ho phutha masala a Iseraele; ke tla ba bea hammoho jwaloka dinku tse hara lesaka, jwaloka mohlape o hara makgulo; e tla ba boiyane ba batho.
Meneka, o utlwe bohloko, moradi wa Sione, jwaloka ya belehang; hobane jwale, o se o tla tswa hae, o tla dula naheng, o be o fihle Babilona. Empa teng o tla lokollwa; teng, Jehova o tla o lopolla matsohong a dira tsa hao.
se hlotsang ke tla se etsa masala, se lahletsweng hole ke se etse setjhaba se matla, mme ho tloha moo, Jehova o tla ba busa thabeng ya Sione, ka ho sa yeng kae.
Ka baka leo, Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, o re: Ke a phela, ke re, Moabe o tla ba jwaloka Sodoma, bana ba Ammone ba be jwaloka Gomorra, e leng lefa la bobatsi, le dikgatampi tsa letswai, le nahathothe ka ho sa feleng; masala a setjhaba sa ka a tla ba lobela, le se setseng sa batho ba ka, se tla ba rua ka mokgwa wa lefa.
Masala a Iseraele a ke ke a etsa bokgopo, a ke ke a bolela leshano, leleme la bohata le ke ke la fumanwa melomong ya bona; ba tla fula, ba ye ba bothe, ho se ya ba tshosang!
Nakong eo, ke tla le tlisa, ke le bokelle nakong eo; hobane ke tla le etsa ba tumileng le ba roriswang hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe, mohla ke kgutlisang baholehuwa ba lona pela mahlo a lona, ho bolela Jehova.
Yaba Sorobabele, mora Salathiele, le Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, le masala wohle a setjhaba, ba utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa bona, ka dipolelo tsa moporofeta Haggai, kamoo a neng a romilwe ke Jehova kateng, Modimo wa bona; mme setjhaba sa tshaba Jehova.
Bua hle le Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, le masala a setjhaba, o re:
Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, hobane o etetse setjhaba sa hae, mme o se lopolotse.
Mme bohle ba tshwarwa ke tshabo, ba rorisa Modimo, ba re: Moporofeta e moholo o hlahile hara rona; Modimo o etetse setjhaba sa wona.
Yaba lengeloi la Morena le bolella Filipi, la re: Tloha, o ye nqa borwa, tseleng e tswang Jerusalema, e yang le Gasa, e leng e sa tsamauweng.
Haele Filipi, a tshoha a se a le Asote, mme ha a ntse a tsamaya, a bolela Evangeli metseng yohle, a ba a fihla Sesarea.
Naomi a tloha a ena le dingwetsi tsa hae, a tle a kgutle naheng ya Moabe; hobane o ne a utlwile naheng ya Moabe hobane Jehova o etetse setjhaba sa hae, o bile o se file dijo.