Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 2:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ke tla o bokella, ke o bokelle ruri, wena Jakobo kaofela; ke tla phutha le ho phutha masala a Iseraele; ke tla ba bea hammoho jwaloka dinku tse hara lesaka, jwaloka mohlape o hara makgulo; e tla ba boiyane ba batho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 “Ruri ke tla le phutha kaofela, ke phuthe lona bohle ba ntlo ya Jakobo; ruri masalla a Baiseraele ke tla a phutha, ke a kgobokanye sa nku di kena sakeng, ke a phuthe sa mohlape o le makgulong, e be boiyane bo phetheselang ba batho.

Ver Capítulo Copiar




Mikea 2:12
28 Referencias Cruzadas  

Bela a shwa, mme kamorao ho yena ha busa Jobabe, mora Sera wa Botsra.


Eitse hobane Bela a timele, ha busa Jobabe, mora Sera wa Botsra, tulong tsa hae.


Hape, mohlang oo, Morena o tla boela a otlolle letsoho la hae hape la bobedi ho lopolla masala a setjhaba sa hae a siilweng naheng ya Assiria, le Egepeta, le Pathrose, le Ethiopia, le Elame, le Shineare, le Hamathe, le dihlekehlekeng tsa lewatle.


Empa mehleng eo, Jehova o tla hlohlora ditholwana ho qala ka noka ya Eufrate ho isa molapong wa Egepeta; mme, lona, bana ba Iseraele, le tla tholwa e mong le e mong wa lona.


Lerumo la Jehova le tletse madi, le kganathetse mafura le madi a dikonyana, le a diphooko, le mafura a difutsi tsa dipheleu; hobane Jehova o na le sehlabelo Botsra, le hlabo e kgolo naheng ya Edomo.


Dikonyana di tla fula teng, jwaloka eka ke makgulong a tsona, masimo a tlohetsweng a barui a tla jewa ke baditjhaba.


Mme nna, ke tla bokella tse setseng tsa mohlape wa ka mafatsheng wohle moo ke di hasanyeditseng teng, ke tla di busetsa makgulong a tsona, di tle di ngatafale, di ate.


Mehleng eo, ntlo ya Juda e tla tsamaya le ntlo ya Iseraele; ba tla tswa hammoho lefatsheng la Leboya, ho ya lefatsheng leo ke le ruisitseng bontata lona.


Hobane Morena Jehova o re: E se e le nna enwa; ke tlile ho batla dinku tsa ka, mme ke tla di hlahlobisisa.


Ke tla di ntsha hara ditjhaba, ke di phuthe mafatsheng wohle; ke ntoo di tlisa naheng ya tsona, ke di dise dithabeng tsa Iseraele, dihlohleng tsa melapo le metebong yohle ya naha.


ke tla pholosa dinku tsa ka, di ke ke tsa nna tsa rusollwa; ke tla etsa kahlolo mahareng a nku le nku e nngwe.


Haele lona, mohlape wa ka, dinku tsa madiso a ka, le batho; nna, ke Modimo wa lona: ho rialo Morena Jehova.


Morena Jehova a re: Ke sa tla dumela ho batlelwa ho hong ke ba ntlo ya Iseraele hore ke ba etsetse hona: ke tla ba atisetsa batho ba be ka ka mohlape wa dinku.


mme o tla re ho bona: Morena Jehova o re: Bonang, ke tla ya nka bana ba Iseraele ditjhabeng tseo ba ileng ho tsona, ke ba phuthe ka nqa tsohle, ke ba busetse naheng ya bona.


Bara ba Juda le bara ba Iseraele ba tla bokellwa hammoho, ba ipeele hlooho e le nngwe, ba kgutle lefatsheng la kgoleho; hobane le leholo tsatsi la Jisreele.


ke tla akgela mollo Themane, o tle o tjhese matlo a borena a Botsra.


Mophunyatsela o tla tsamaya kapele ho bona, ba tla phunya, ba tlole ka monyako ba be ba tswe ka wona; morena wa bona o tla ba etella pele, Jehova e be yena sehlooho sa bona.


Haele wena, qhobosheane ya mohlape, leralla la moradi wa Sione, ho wena ho tla tla, ho be ho finyelle borena ba pele, e leng mmuso wa moradi wa Jerusalema.


Masala a Jakobo a tla ba hara ditjhaba tse ngata jwaloka phoka e tswang ho Jehova, jwaloka marothodi a hodima jwang, a sa lebelleng taelo ya motho, a seng molaong wa bana ba batho.


Hape, masala a Jakobo a tla ba hara ditjhaba, mahareng a merabe e mengata, jwaloka tau hara diphoofolo tsa meru, jwaloka tawana, hara mehlape ya dinku, eo ereng ha e feta, e hatakele, e harole, ho se ya ka pholosang!


Disa setjhaba sa hao ka lere la hao, e leng dinku tsa lefa la hao tse ahileng di nnotshi morung o hara Karmele; a di ke di alohele Bashane le Gileade, jwaloka mohla monene!


Modimo ke ofe o jwaloka wena, o tlosang bokgopo, o tshwarelang dibe tsa masala a lefa la hao? O ke ke wa boloka bohale ba wona ka ho sa yeng kae, hobane haele wona, o kgahlwa ke ho hauhela.


Nakong eo, ke tla le tlisa, ke le bokelle nakong eo; hobane ke tla le etsa ba tumileng le ba roriswang hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe, mohla ke kgutlisang baholehuwa ba lona pela mahlo a lona, ho bolela Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos