Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 11:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Mmila o tla ba teng ho masala a setjhaba sa hae a tla phonyoha Assiria, jwalokaha o bile teng ho Iseraele mohla a tlohang lefatsheng la Egepeta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Masalla a tjhaba sa hae a tswang Asiria, a tla tsamaya mmileng o phatlaletseng, jwaloka mohla Baiseraele ba tswang Egepeta.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 11:16
18 Referencias Cruzadas  

Bana ba Iseraele ba tsamaya kahara lewatle mobung o omileng, metsi ya eba lerako ho bona ka letsohong le letona le ka leqeleng.


Hojane Jehova wa makgotla a sa ka a re bolokela masala a phonyohileng, re ka be re entswe jwaloka Sodoma, re ka be re tshwana le Gomorra.


Mohlang oo, masala a Iseraele le ba phonyohileng ba ntlo ya Jakobo ha ba sa tla hlola ba tshepa mohlorisi wa bona, empa ba tla tshepa Jehova, Mohalaledi wa Iseraele, ka nnete yohle ya bona.


Hape, mohlang oo, Morena o tla boela a otlolle letsoho la hae hape la bobedi ho lopolla masala a setjhaba sa hae a siilweng naheng ya Assiria, le Egepeta, le Pathrose, le Ethiopia, le Elame, le Shineare, le Hamathe, le dihlekehlekeng tsa lewatle.


Mehleng eo, mmila o tla ba teng o tswang Egepeta, o yang Assiria; Baassiria ba tla tla Egepeta, Baegepeta ba ye Assiria, mme Egepeta o tla sebeletsa Jehova a ena le Assiria.


Mehlang eo, terompeta e kgolo e tla letswa, mme ba tebeletsweng naheng ya Assiria, le ba balehetseng naheng ya Assiria, le ba balehetseng naheng ya Egepeta, ba tla tla, ba kgumame pela Jehova thabeng e halalelang, Jerusalema.


Dithaba tsa ka ke tla di fetola mebila, mme ditsela tsa ka di tla hlekwa.


Bonang, ba tla ba etswa hole; bonang, ba bang ba tswa leboya le bophirimela, ba bang ba tswa naheng ya Sinime.


Na hase wena ya pshesitseng lewatle, metsi a bodiba bo boholo, ya entseng dikoti tse tlase tsa lewatle tsela, hore balopollwa ba tle ba fete ka yona na?


Ho tla thwe: Batalatsang, batalatsang, le lokise tsela, le tlose dikgopiso tsohle tseleng ya setjhaba sa ka!


Tswelang, tswelang menyakong; le hlekele setjhaba mmila! Batalatsang, batalatsang tsela, tlosang majwe, le hlomele ditjhaba folaga!


E tla ba naha ya masala a ntlo ya Juda; teng, ba tla fudisa mehlape ya bona; mantsiboya, ba robale matlung a Ashkelone; hobane Jehova, Modimo wa bona, o tla ba etela, a kgutlise baholehuwa ba bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos