Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 11:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Jehova o tla omisa leleme la lewatle la Egepeta; o tla emisetsa letsoho la hae hodima noka ya Eufrate, a e sisinye ka matla a moya wa hae, a e kgaole, a e etse dinokana tse supileng tseo batho ba tla di tshela ba rwetse dieta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Morena o tla pshesa kou ya watle la Egepeta, tsoho la hae le fokise moya o tjhesang hodima Noka, Noka eo a e arole melatswana e supileng, batho ba e tshele ba ntse ba rwetse meqathatso.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 11:15
19 Referencias Cruzadas  

Moshe a otlollela letsoho la hae hodima lewatle, mme Jehova a suthisa lewatle ka moya o matla wa botjhabela o fokang ka bosiu bohle, lewatle a le fetola mobu o omileng, mme metsi a phatloha.


Bana ba Iseraele ba tsamaya kahara lewatle mobung o omileng, metsi ya eba lerako ho bona ka letsohong le letona le ka leqeleng.


Empa bana ba Iseraele ba ne ba tsamaile moo ho omileng, hara lewatle, metsi a ba etseditse lerako ka letsohong le letona le ka leqeleng.


Ka tsatsi leo, Baegepeta ba ya ba jwaloka basadi; ba tla tshoha, ba thothomele, ka baka la letsoho la Jehova wa makgotla le sisinyehang ho ba kgalemela.


Ho thualo ke Jehova ya phuntsheng mmila lewatleng, le tsela metsing a matla,


ke reng ho bodiba: Psha, mme ke tla pshesa dinoka tsa hao;


Ha ke tlile, ke ne ke se ke ka fumana motho keng? Ha ke bitsitse, ke kang ha ho se motho ya nkarabileng? Na letsoho la ka le lekgutshwanyane ho lopolla na, kapa a ke hloka matla a ho namolela na? Bonang, ke pshesa lewatle, ha ke le kgalemela; ke fetola dinoka naha e tshehla, dihlapi tsa tsona di bole ke ho hloka metsi, di shwe ke lenyora.


Balopollwa ba Jehova ba tla kgutla, ba tla Sione ka dipina tsa hlolo, ba rwetse thabo e sa feleng diphatleng, ba fihletse nyakallo le thabo, ho balehile bohloko le masisapelo.


ya neng a ema ho le letona la Moshe, a ba tsamaisa ka letsoho le kganyang la hae, a arola metsi pela bona, a tle a iketsetse lebitso le tumileng ka ho sa feleng;


Ka tsatsi leo, Morena o tla beola ka lehare leo a le adimileng mose wa noka, ke ho re, ka morena wa Assiria o tla beola hlooho le mohwete wa maoto, a tlose le ditedu.


ka baka leo, Morena o tla tlisa metsi a maholo a matla a noka hodima sona, ke ho re morena wa Assiria le boholo bohle ba hae; noka eo e tla tlola mela ya yona, e phalle hodima mabopo a yona wohle.


ke ya tla ke hona ho wena le ho dinoka tsa hao, ke etse naha ya Egepeta dithako tse omeletseng, tse feela, ho tloha Migdole, ho tlisa Siene, le ho isa moeding wa Kushe.


Ke tla pshesa dinoka, ke be ke neele lefatshe matsohong a ba babe; ka matsoho a baditjhaba ke tla senya lefatshe le tsohle tse ho lona: ke nna Jehova ya boletseng hoo.


Mme Iseraele o tla tsamaya hara lewatle la tlokotsi, o tla otla maqhubu lewatleng, mme madiba wohle a noka a tla psha; boikgohomoso ba Assiria bo tla kokobetswa, ho tloswe le lere la borena la Egepeta.


Lengeloi la botshelela la tshollela nkgo ya lona hodima noka e kgolo ya Eufrate, mme metsi a yona a epsha, hore ho tle ho lokiswe tsela ya marena a Botjhabatsatsi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos