Mme jwale, wena mohlanka wa ka Jakobo, se tshabe, ho bolela Jehova; se thothomele, Iseraele, hobane bona, ke tla o pholosa, ke o late naheng e hole, ke late le leloko la hao lefatsheng la kgoleho; Jakobo o tla boya, a itulele, a iketle, mme ha a sa tla tshabiswa ke motho.
Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Moradi wa Babilona o jwaloka seotlo ka nako eo ho polwang ho sona; ho sa le motsotso o se okae, ho ntoo ba nako ya kotulo ho yena.
Akgelang sekele, hobane mabele a butswitse. Tloong, le hate, hobane sehatelo se tletse, dinkgo di bile di a kgaphatseha; hobane bolotsana ba bona bo boholo.
E tla ba naha ya masala a ntlo ya Juda; teng, ba tla fudisa mehlape ya bona; mantsiboya, ba robale matlung a Ashkelone; hobane Jehova, Modimo wa bona, o tla ba etela, a kgutlise baholehuwa ba bona.
Lengeloi le leng la tswa tempeleng, la howeletsa ka lentswe le phahamileng ho ya dutseng lerung, la re: Kenya sekele ya hao, o kotule; hobane nako ya ho kotula e fihlile, hobane koro ya lefatshe e butswitse.