Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 6:11 - BIBELE

11 Le wena Juda, kahlolo e o emetse, mohla ke kgutlisang setjhaba sa ka.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Le wena Juda, o lokiseditswe kotulo, mohla ke lokollang setjhaba sa ka kgolehong ya sona.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 6:11
9 Referencias Cruzadas  

Hoba Jobo a rapelle metswalle ya hae, Morena a boela a mo atlehisa. Tsohle tseo a neng a ena le tsona Morena a mmuseletsa tsona habedi.


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ha Morena a kgutlisa batho ba Sione, a ba kgutlisa bothopuweng, e ne e ka re a lora.


Pesalema ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


“Ka baka leo, se tshabe letho, wena mohlanka wa ka Jakobo,” ho rialo Morena. “Se tsielehe, wena Iseraele, ke tla o pholosa o le bakeng se hole, ke lopolle tloholo tsa hao naheng ya bothopuwa; tjhaba sa ka se tla kgutla, se phele ka kgotso, se phele ka boiketlo, ho se ya se tshosang.


Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Morwetsana Babilona, o tshwana le seotlo, ka nako eo ho polwang ka yona, nako ya hore a kotulwe e haufi.”


Akgelang sekele, hobane mabele a butswitse. Tloong, le tlo hatakela morara, hobane setlhotlelo sa morara se tletse; merifi e tletse, e a kgaphatseha, hobane bokgopo ba tsona bo totile!”


Empa mehopolo ya Morena ha ba e tsebe, le morero wa hae ha ba o utlwisise, yena ya ba bokeletseng sa mangata seotlong.


E tla ba ya masalla a ba ntlo ya Juda, moo a alosetsang mehlape ya wona teng. Mantsiboya a tla botha ka matlung a Ashekelone, Morena Modimo wa wona, a a baballe, a a buseletse boiketlo ba wona.”


Lengeloi le leng la tswa tempeleng, mme ka lentswe le phahameng la howeletsa ya dutseng hodima leru, la re: “Akgela sekele ya hao, o kotule, hobane nako ya ho kotula e fihlile, tse kotulwang tsa lefatshe di butswitse.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos