Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 3:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Mehleng eo, ntlo ya Juda e tla tsamaya le ntlo ya Iseraele; ba tla tswa hammoho lefatsheng la Leboya, ho ya lefatsheng leo ke le ruisitseng bontata lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Ka nako eo, ba ntlo ya Juda ba tla kopana le ba ntlo ya Iseraele, ba falle mmoho naheng e ka leboya, ba fallele naheng eo ke e neileng bo-ntata lona moholo hore e be lefa la lona.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 3:18
22 Referencias Cruzadas  

Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re: Lefatshe lena ke tla le nea ditloholo tsa hao. Teng Abrame a hahela Jehova ya iponahaditseng ho yena aletare.


O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena! Ke tla kgutlisa leloko la hao botjhabela, ke o bokelle le bophirimela.


Ke tla re ho leboya: Busetsa; le ho borwa: O se ke wa thibela; o kgutlisetse bara ba ka ba dinaheng tse hole, le baradi ba ka dipheletsong tsa lefatshe;


Ba mpa ba tla re: Jehova o a phela ya nyolotseng bana ba Iseraele lefatsheng la Leboya le mafatsheng wohle, moo a neng a ba qhalanyeditse teng; mme ke tla ba busetsa lefatsheng leo ke le neileng bontata bona.


Empa ba tla re: Jehova o a phela ya nyolotseng, ya busitseng merabe ya ntlo ya Iseraele lefatsheng la Leboya, le mafatsheng wohle moo ke neng ke ba hasanyeditse teng, mme ba tla ikahela lefatsheng la bona.


Eya, o bolele mantswe ana ka nqa leboya, o re: Kgutla, Iseraele mokwenehi, ho bolela Jehova, nke ke ka o sosobanyetsa sefahleho, hobane nna ke mohau, ho bolela Jehova, nke ke ka nna ka losa disuwa kamehla.


Hobane bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tla kgutlisa ba kgolehong ba setjhaba sa ka sa Iseraele le sa Juda, ho bolela Jehova, ke ba busetse lefatsheng leo ke le neileng bontata bona, ba tle ba le rue.


Bonang, ke tla ba lata lefatsheng la Leboya, ke ba bokelle dipheletsong tsa lefatshe, sefofu se leng hara bona le sehlotsa, moimana le motswetse hammoho; ba tla kgutlela kwano e le bongata bo boholo.


Mehleng eo le nakong eo, ho bolela Jehova, ho tla batlwa bokgopo ba Iseraele, mme bo tla ba siyo; le sebe sa Juda, mme ha se ka ke sa fumanwa; hobane ke tla tshwarela bao ke ba siileng.


Mehleng eo le nakong eo, ho bolela Jehova, bana ba Iseraele ba tla tla, ba ena le bana ba Juda, ba tla ya ba ntse ba lla, ba batla Jehova, Modimo wa bona.


Ba tla botsa tsela ya Sione, difahleho tsa bona ba di lebisitse teng, ba re: Tloong, le kgomarele Jehova ka selekane se sa feleng, se se nang ho lebalwa.


ke tla le ahisa nqalong ena, lefatsheng leo ke le neileng bontata lona, ho isa ka ho sa feleng.


Ha ho le jwalo, ere: Morena Jehova o re: Ke tla le phutha ditjhabeng, ke le bokelle dinaheng tseo le qhalanyeditsweng ho tsona, mme ke tla le nea lefatshe la Iseraele.


Bara ba Juda le bara ba Iseraele ba tla bokellwa hammoho, ba ipeele hlooho e le nngwe, ba kgutle lefatsheng la kgoleho; hobane le leholo tsatsi la Jisreele.


Efraime o nteela hare ka leshano, le ntlo ya Iseraele ka bohata, mme haele Juda, o sa ntse a kwetjha, o hana ho utlwa Modimo, Mohalaledi ya tshepehang.


Le tseke le mma lona, le tseke le yena! Hobane yena hase mosadi wa ka, le nna ha ke monna wa hae; a tlose bootswa ba hae pela sefahleho sa hae, le bofebe ba hae matsweleng a hae,


Ke tla ba hloma naheng ya bona, mme ha ba sa tla hlola ba tloswa naheng ya bona, eo ke ba neileng yona: ho bolela Jehova, Modimo wa hao.


Ke tla natlafatsa ntlo ya Juda, ke sitse le ntlo ya Josefa ka poloko; ke tla ba ahisa, hobane ke ba hauhetse; ba tla ba jwaloka hoja ke sa ka ka ba lahla, hobane ke nna Jehova, Modimo wa bona, mme ke tla ba utlwa.


Jo! jo! balehang, lona ba leng naheng ya Leboya, ho bolela Jehova, hobane ke le qhalanyeditse meyeng e mene ya lehodimo, ho bolela Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos