Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 3:18 - BIBELE

18 Ka nako eo, ba ntlo ya Juda ba tla kopana le ba ntlo ya Iseraele, ba falle mmoho naheng e ka leboya, ba fallele naheng eo ke e neileng bo-ntata lona moholo hore e be lefa la lona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Mehleng eo, ntlo ya Juda e tla tsamaya le ntlo ya Iseraele; ba tla tswa hammoho lefatsheng la Leboya, ho ya lefatsheng leo ke le ruisitseng bontata lona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 3:18
22 Referencias Cruzadas  

Morena a iponahatsa ho Aborame, a re: “Naha ena ke tla e nea ditloholo tsa hao.” Yaba Aborame o hahela Morena ya iponahaditseng ho yena aletare.


O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; ditloholo tsa hao ke tla di lata botjhabela, ke o bokelle o etswa bophirimela.


Ho batho ba ka leboya ke tla re: ‘Neelanang ka bona!’ Ho ba ka borwa ke re: ‘Le se ke la hana ka bona!’ Kgutlisang bara ba ka ba etswa hole, le baradi ba ka ba dipheletsong tsa lefatshe,


Empa ho tla thwe: ‘Re hlapanya ka Morena ya phelang, ya ileng a nyolla bana ba Iseraele naheng e ka leboya, le dinaheng tsohle tseo a neng a ba leleketse ho tsona,’ hobane ke tla ba kgutlisetsa naheng eo ke ileng ka e nea bo-ntata bona moholo.”


Empa ba tla re: “Re hlapanya ka Morena ya phelang, ya ileng a ntsha ditloholo tsa ntlo ya Iseraele naheng e ka leboya, le dinaheng tsohle tseo a neng a di leleketse ho tsona, mme di tla aha naheng ya tsona.”


Eya, o yo phatlalatsa molaetsa ona ka leboya, o re: “Kgutla, wena Iseraele wa mokwenehi,” ho rialo Morena. “Ha nka ke ka hlola ke o sosobanyetsa sefahleho, hobane ke mohau,” ho rialo Morena. “Ha ke na ho o halefela kamehla yohle.


Bonang, matsatsi a a tla, ho rialo Morena, ao ka wona setjhaba sa ka sa Iseraele le sa Juda se bothopuweng, ke tla se kgutlisetsa naheng eo ke neng ke e nee bo-ntata sona, hore e be ya bona,” ho rialo Morena.


Ke tla a tlisa a etswa naheng e ka leboya, ke a phuthe ho tloha pheletsong tsa lefatshe, ke phuthe difofu ke be ke phuthe dihlotsa, le basadi ba baimana ba kgatheng la ho beleha, ba kgutlele kwano e le letshwelehadi.


Ka matsatsi ao, le ka nako eo,” ho rialo Morena, “bokgopo ba Baiseraele bo tla batlisiswa, empa ha bo ka ke ba ba ba fumaneha; le dibe tsa morabe wa Juda di tla batlisiswa, empa le tsona ha di ka ke tsa ba tsa fumaneha, hoba masalla ao ke tla a tshwarela.”


“Matsatsing ao, ka yona nako eo,” ho rialo Morena, “Baiseraele le Bajuda ba le mmoho, ba tla batla Morena, Modimo wa bona, ka dikgapha.


Ba tla botsa tsela e yang Sione, fahleho tsa bona di tadime tseleng eo. Ba tla tla, ba ineele Morena, ba etse selekane sa kamehla yohle, selekane se ke keng sa hlola se lebalwa.


ke tla etsa hore le ahe sebakeng sena, naheng eo ke neng ke e nee baholoholo ba lona, hore e be ya bona kamehla yohle.


“Ka baka leo he, o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Ke tla le phutha hara baditjhaba, ke le phuthe dinaheng tseo le neng le qhalanyeditswe ho tsona, ke le buseletse naha ya Iseraele.’


Bajuda le Baiseraele ba tla kopana, ba ikgethele mookamedi a le mong; ba hole, ba atlehe naheng ya bona, hoba tsatsi la Jesereele le tla ba leholo!”


Efraime o nteetse hare, a nteela hare ka mashano, ba ntlo ya Iseraele bona ka thetso; Juda yena o ntse a fetohetse Modimo, Modimo ya tshepahalang, Modimo ya halalelang.


“Kgalemang mma lona, le mo kgaleme, hoba yena ha e sa le mosadi wa ka, le nna ha ke sa le monna wa hae. Lebososelo la bootswa a le fedise, dinyatsi di tlohe sefubeng sa hae.


Ke tla tsitsisa Baiseraele naheng ya bona, ke ba tsitsise, ba se hlole ba tloswa, naheng eo ke ba abetseng yona,” ho rialo Morena Modimo wa lona.


“Ke tla matlafatsa ba ntlo ya Juda, ba ntlo ya Josefa ke ba pholose. Ke tla ba kgutlisetsa ha habo bona, hobane ke ba utlwela bohloko. Ba tla ka bao ke ne ke eso ba lahle, hobane nna ke Morena, Morena Modimo wa bona, ke tla amohela thapelo tsa bona.


“Tswang! Tswang! Balehang naheng e ka leboya,” ho rialo Morena, “hobane ke ne ke le qhalanyeditse diqoleng tse nne tsa lefatshe,” ho rialo Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos