Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sofonia 3:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Masala a Iseraele a ke ke a etsa bokgopo, a ke ke a bolela leshano, leleme la bohata le ke ke la fumanwa melomong ya bona; ba tla fula, ba ye ba bothe, ho se ya ba tshosang!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Masalla a Iseraele a ke ke a etsa bokgopo, leha e le hona ho bua mashano; a ke ke a thetsa ka maleme a wona. Masalla ao a tla fula, a bothe, ho se na ya ka hlolang a a tshosa.”

Ver Capítulo Copiar




Sofonia 3:13
46 Referencias Cruzadas  

Mmuso wa Josafate wa phomola, mme Modimo wa hae wa mo nea phomolo ka nqa tsohle.


phomolong o ke ke wa kgathatswa, ba bangata ba tla phaphatha sefahleho sa hao.


ba sa etseng bokgopo, ba mpang ba tsamaya ditseleng tsa hae!


Jehova, o lopolle moya wa ka melomong e etsang leshano, le lelemeng le thetsang.


Na moputso wa hao keng, mme seo o tla se kotula keng, wena, leleme le leshano?


O mphomotsa makgulong a matala, o ntsamaisa pela metsi a kgutsitseng.


Metse ya Aroere e ya tlohelwa, e fetohe metebo moo mehlape e bothang teng, ho se motho ya e tshosang.


Mmila o tla ba teng le tsela e bitswang tsela ya kgalalelo; ha ho motho ya ditshila ya tlang ho feta teng, e tla ba ya ba lokileng feela; ya tsamayang tseleng eo leha e le sethoto, a ke ke a lahleha.


O tla tiiswa ke ho loka. Leleka dipelaelo, hobane ha ho letho leo o ka le tshabang; leha e le tshoho, hobane e ke ke ya atamela ho wena.


Leha e mong a ka sala ho ba leshome ho bona, le yena o tla be a jewe; empa jwalokaha difate tsa terebinthe le tsa eike, ereha di remilwe, ho sala kutu e tla hlomela, ka mokgwa o jwalo, kutu ya setjhaba sena e tla hlomela lesika le halalelang.


Setjhaba sa hao etlaba sa ba lokileng feela, ba tla rua lefatshe ka ho sa feleng; ke lehlomela leo ke le hlomileng, ke mosebetsi wa kganya ya ka.


Hobane o itse: Ke setjhaba sa ka, ke bana ba sa ikgantsheng; mme e bile Molopolli wa bona.


Lehwatata la Sharone e tla ba meraka ya manku, kgohlo ya Akore e be makgulo a makgomo a setjhaba sa ka se mpatlileng.


Ke tla di nea badisa ba di alosang; ha di sa tla tshaba, ha di sa tla thothomela, ha ho ka ke ha hlokahala le e nngwe ya tsona, ho bolela Jehova.


Mme jwale, wena mohlanka wa ka Jakobo, se tshabe, ho bolela Jehova; se thothomele, Iseraele, hobane bona, ke tla o pholosa, ke o late naheng e hole, ke late le leloko la hao lefatsheng la kgoleho; Jakobo o tla boya, a itulele, a iketle, mme ha a sa tla tshabiswa ke motho.


Empa ke sena selekane seo ke tla se hlaba le ntlo ya Iseraele kamora ditshiu tseo, ho bolela Jehova: Ke tla ngola molao wa ka kahare ho bona, ke o ngole dipelong tsa bona; ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Ba tla lebala sekgobo sa bona le tshito ya bona eo ba ntshitetsweng ka yona, mohla ba ahang naheng ya bona ba iketlile, ho se ya ba tshabisang;


Mme le tla tseba hobane ke nna Jehova ke leng Modimo wa lona, nna ke dutseng Sione, thabeng ya ka e kgethehileng; Jerusalema e tla ba nqalo e kgethehileng, baditjhaba ha ba sa tla feta ho yona.


Ke tla phetetsa madi a bona ao ke esong ho a phetetse; mme Jehova o tla aha Sione.


Ke tla etsa kgotso naheng ya lona; le tla robala ho se motho ya le tsosang; ke tla fedisa dibatana tse harolang, mme lerumo le ke ke la feta ka naha ya lona.


Ba tla dula e mong le e mong katlasa feiye ya hae le katlasa morara wa hae, ho se ya ba tshosang, hobane molomo wa Jehova wa makgotla o boletse.


se hlotsang ke tla se etsa masala, se lahletsweng hole ke se etse setjhaba se matla, mme ho tloha moo, Jehova o tla ba busa thabeng ya Sione, ka ho sa yeng kae.


Disa setjhaba sa hao ka lere la hao, e leng dinku tsa lefa la hao tse ahileng di nnotshi morung o hara Karmele; a di ke di alohele Bashane le Gileade, jwaloka mohla monene!


E tla ba naha ya masala a ntlo ya Juda; teng, ba tla fudisa mehlape ya bona; mantsiboya, ba robale matlung a Ashkelone; hobane Jehova, Modimo wa bona, o tla ba etela, a kgutlise baholehuwa ba bona.


Jehova o lokile kahare ho wona; ha a etse bokgopo, ka hosasa ho hong le ho hong o ntshetsa kahlolo ya hae leseding, ha a lese ho etsa jwalo; empa molotsana ha a tsebe dihlong.


Hobane peo ya kgotso e tla ba teng; morara o tla beha ditholwana tsa wona, lefatshe le behe dijo tsa lona, lehodimo le nee phoka ya lona, mme ntho tseo tsohle ke tla di nea masala a setjhaba sena, hore e be lefa la sona.


Empa tseo le tshwanetseng ho di etsa ke tsena: Bolelang nnete e mong le e mong ho wa habo; ahlolang ka nnete le ka kahlolo ya kgotso makgotleng a lona;


Ho itswe ke Jehova: Ke kgutletse Sione, mme ke ahile kahara Jerusalema; Jerusalema o bitswa motse wa nnete, thaba ya Jehova wa makgotla e bitswa thaba e kgethehileng!


Mora motho o tla roma mangeloi a hae; a tla kgetha mmusong wa hae dikgopiso tsohle le ba etsang bokgopo,


Nathanaele a re ho yena: Na ntho e molemo e ka tswa Nasaretha na? Filipi a re ho yena: Tloo, o bone.


Le se ke la thetsana ka mashano; le hlobole motho wa kgale le diketso tsa hae;


Empa esita leha le ka utlwiswa bohloko ka baka la ho loka, le lehlohonolo; se tshabeng ditshokelo tsa bona, mme le se ke la tshoha;


Re a tseba hoba e mong le e mong ya tswetsweng ke Modimo ha a etse sebe; empa ya tswetsweng ke Modimo o a ipoloka, mme e mobe ha a mo ame.


Mme leshano ha le a ka la fumanwa melomong ya bona; hobane ba hlokile letheba pela terone ya Modimo.


Ha ho ntho e ditshila e tla kena teng, leha e le ba etsang manyala le leshano, ho tla kena ba ngodilweng bukeng ya bophelo ya Konyana feela.


Empa ha e le ba boi, le ba sa dumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang medimo, le mahata kaofela, kabelo ya bona e ka letsheng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobedi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos