Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sofonia 3:13 - BIBELE

13 Masalla a Iseraele a ke ke a etsa bokgopo, leha e le hona ho bua mashano; a ke ke a thetsa ka maleme a wona. Masalla ao a tla fula, a bothe, ho se na ya ka hlolang a a tshosa.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Masala a Iseraele a ke ke a etsa bokgopo, a ke ke a bolela leshano, leleme la bohata le ke ke la fumanwa melomong ya bona; ba tla fula, ba ye ba bothe, ho se ya ba tshosang!

Ver Capítulo Copiar




Sofonia 3:13
46 Referencias Cruzadas  

Mmuso wa Jehoshafate wa eba le kgotso, hobane Modimo wa hae a ne a mo neile boiketlo kahohle.


O tla ithoballa ho se ya ka o tshosang, ba bangata ba qekise setswalle sa hao.


ba sa etseng tse sa lokang, ba mpang ba tsamaya ditseleng tsa hae.


Morena, ako nnamolele molomong wa ya leshano, le lelemeng la ya thetsang.


Wena ya leleme le thetsang, o tla newa eng, o ekeletswe eng?


o nkatla makgulong a matala, o nkisa pela metsi moo ke tla phomola teng.


Metse ya Arowere e tla hloka baahi, e tla fetoha metebo, mehlape e fule teng, ho se motho ya tla e tshwenya.


Mmila o moholo o tla ba teng moo, o rewe lebitso la Tsela ya Kgalalelo. Baetsadibe ba ke ke ba tsamaya ka yona, e tla ba ya ba lokelang ho e tsamaya, ba ke ke ba lahleha leha e le dithoto.


Ha o etsa tse lokileng o tla matlafala, bompodi bona bo ke ke ba eba teng ho wena, ha o ka ke wa tshaba letho, esita le ditshoso di ke ke tsa o atamela.


Leha ho ka sala a le mong ho ba leshome, le yena o tla fediswa jwaloka sefate se seholo, a fediswe jwaloka fate sa eike, seo kutu ya sona e salang ha se rengwa. Kutu ya sona ke peo e halalelang.”


Tjhaba sa hao sohle e tla ba sa ba lokileng, naha e be lefa la sona la kamehla yohle, e be lehlomela le hlomilweng ke nna, e be mosebetsi wa matsoho a ka, oo ke tlotliswang ka wona.


“Ruri ke tjhaba sa ka,” ho rialo Morena, “bana ba ka ba ke keng ba bua leshano;” kahoo ya eba yena Mopholosi, Mopholosi wa bona,


Metebo ya dikgutshwane e tla hlongwa Sharone, kgohlong ya Akore makgomo a bothe teng, e le mehlape ya tjhaba sa ka, tjhaba se mpatlang.


Ke tla o kgethela badisa ba tla o alosa. Ha o sa tla hlola o tshaba letho, kapa o tsieleha, mme ha ho le e nngwe ya wona e tla lahleha,” ho rialo Morena.


“Ka baka leo, se tshabe letho, wena mohlanka wa ka Jakobo,” ho rialo Morena. “Se tsielehe, wena Iseraele, ke tla o pholosa o le bakeng se hole, ke lopolle tloholo tsa hao naheng ya bothopuwa; tjhaba sa ka se tla kgutla, se phele ka kgotso, se phele ka boiketlo, ho se ya se tshosang.


“Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ya Iseraele, hoba matsatsi ao a fete, ke sena,” ho rialo Morena. “Ke tla kenya molao wa ka maikutlong a bona, ke o ngole kahara dipelo tsa bona; ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Ha ba se ba phela ka kgotso naheng ya bona, ho se ya ba tshosang, ba tla lebala dihlong tsa bona, le ditshito tsohle tseo ba ileng ba ntshitelwa ka tsona.


“Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena, Morena Modimo wa lona, ya ahileng Sione, thabeng ya ka e halalelang; Jerusalema e tla ba sebaka, baka se kgethehileng, baditjhaba ba ke ke ba hlola ba feta kahara yona.


Ke tla tshwarela tjhaba sa ka, ke se tshwarele dibe tsa sona, dibe tseo ke neng ke eso se tshwarele tsona. Nna Morena, ke tla aha Sione!”


“ ‘Ke tla le nea kgotso lefatsheng, mme le tla ithoballa, ho se letho le le tshwenyang. Dibatana tse harolang ke tla di fedisa lefatsheng, le ba lwanang ka sabole ba ke ke ba hlasela naha ya lona.


Motho ka mong o tla phomola tlasa morara wa hae, a phomole tlasa sefate sa hae sa feiye; ha ho le ya mong ya sa tla ba tshosa, hobane Morena wa mabotho o boletse jwalo.


Ba hlotsang ke tla ba etsa masalla, ba qhalantsweng ke ba etse tjhaba se matla. Morena o tla ba busa a le Thabeng ya Sione, a ba buse ho tloha mohla tsatsi leo, a ba buse kamehla le mehla.


Morena, ka lere la hao alosa mohlape wa hao, alosa mohlape oo e leng lefa la hao, mohlape o dulang o le inotshi kahara moru, o dulang kahara makgulo a nonneng; o ke o fule Bashane le Gileade, o fule teng jwaloka mehleng ya boholoholo.


E tla ba ya masalla a ba ntlo ya Juda, moo a alosetsang mehlape ya wona teng. Mantsiboya a tla botha ka matlung a Ashekelone, Morena Modimo wa wona, a a baballe, a a buseletse boiketlo ba wona.”


Ho loka ha Morena ho teng motseng ona, ha a ka ke a etsa bokgopo ba letho. Kamehla ha ho esa o diha kahlolo, kamehla ha bo esa ha a fose, empa ya kgopo ha a hlajwe ke dihlong.


“Tjhai e tla ba kgolo, morara o behe haholo, mobu o atlehise dijalo, mahodimo a nese pula e ngata. Ke tla sitsa masalla a setjhaba sena ka dintho tsena tsohle.


Tsena ke tseo le tshwanelang ho di etsa: Le bolellane nnete, le ahlolelane ka ho loka le ka nnete makgotleng a lona, hore kgotso e tle e be teng.


Morena o bua tjena: “Ke kgutlela Sione, mme ke tla aha Jerusalema. Kahoo Jerusalema e tla bitswa Motse wa Nnete, le thaba ya Morena wa mabotho e bitswe Thaba e Halalelang.”


Mora Motho o tla romela mangeloi a hae, mme a tla tlosa Mmusong wa hae tsohle tse kgopisang le ba etsang bokgopo;


Jesu a bona Nathanaele a etla ho yena, a bua ka yena: “Bonang Moiseraele wa nnete, eo ho se nang mano ho yena!”


Le se ke la bolellana mashano, hobane le hlobotse botho ba lona ba kgale le mesebetsi ya bona.


Empa haeba batho ba le hlokofaletsa ho loka ha lona, le lehlohonolo. Le se ke la ba tshaba, mme le se ke la ferekana,


Re a tseba hore mang le mang ya tswetsweng ke Modimo ha a sa etsa sebe, hobane Mora wa Modimo o a mmoloka, mme E Mobe a ke ke a mo etsa letho.


Leshano ha le a ka la fumanwa melomong ya bona; ha ba na letheba.


Ha ho letho le ilehang le tla kena ho wona, leha e le mang kapa mang ya etsang tse manyala, le tseo e seng tsa nnete, empa ho wona ho tla kena feela bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo ea Konyana.


Empa ha e le makwala, le ba sa tshepahaleng, le ba etsang tse manyala, le babolai, le difebe, le baloi, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba buang leshano, kabelo ya bona ke letsha le tukang mollo wa sebabole, ke hore lefu la bobedi.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos