Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 4:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Meneka, o utlwe bohloko, moradi wa Sione, jwaloka ya belehang; hobane jwale, o se o tla tswa hae, o tla dula naheng, o be o fihle Babilona. Empa teng o tla lokollwa; teng, Jehova o tla o lopolla matsohong a dira tsa hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Meneka, o bobole, wena Moradi wa Sione, o ke ya tshwerweng ke mahlaba a pelehi, jwale o tla tswa kahara motse, o tswe, o yo aha nahathothe. O tla tsamaya, o ye Babilona, ke hona moo o tla pholoswa teng, Morena o tla o lopolla o le hona moo, a o namolele matsohong a dira tsa hao.

Ver Capítulo Copiar




Mikea 4:10
27 Referencias Cruzadas  

Haele bara ba hao ba tla tswa ho wena, bao o tla ba tswala, ho tla nkwa ba bang hore ba etswe maqhalaha ka tlung ya borena ya morena wa Babilona.


Ha ho se ho phuntswe lerako, banna bohle ba ntwa ba baleha bosiu ka tsela e yang le kgoro, mahareng a marako a mabedi a pela tshimo ya morena, Bakalde ba ntse ba teetse motse hare. Ha tsamauwa ka tsela e yang le lehwatata.


Yaba Jehova o ba tlisetsa balaodi ba makgotla a morena wa Assiria; ba tshwara Manasse ka dikgoketsane, ba mo tlama ka mahlaahlela a koporo, mme ba mo isa Babilona.


A isa Babilona kgolehong bohle ba neng ba phonyohile lerumong; ya eba bafo ba hae le ba bara ba hae ho ya fihla pusong ya mmuso wa Persia;


Ho itswe ke Siruse, morena wa Persia: Jehova, Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe; o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, naheng ya Juda. Hara lona bohle, mang le mang eo e leng wa setjhaba sa hae, Jehova, Modimo wa hae, a be le yena, mme a nyolohe!


A ba namolela letsohong la ya ba hloileng, a ba lwela letsohong la sera;


Ho itswe ke Jehova, Molopolli wa lona, Mohalaledi wa Iseraele: Ka baka la lona, ke rometse ho lwantsha Babilona, mme ke tla ba dihela bohle, ba balehe le bona Bakalde ka dikepeng tseo ba ithorisang ka tsona.


Ke nna ke hlahisitseng Siruse ho lokeng ha ka, mme ke tla batalatsa ditsela tsa hae tsohle; o tla tsosa motse wa ka, a lokolle baholehuwa ba ka, e seng ka tefo, e seng ka dimpho; ho bolela Jehova wa makgotla.


Tlohang Babilona, le balehe naheng ya Bakalde! Le bolele hoo ka lentswe la nyakallo, le ho tumise, le ho tsebise ho isa pheletsong ya lefatshe, le re: Jehova o lopolotse mohlanka wa hae Jakobo!


Nka senyepa seo o se rekileng, se thekeng la hao, o tlohe, o ye Eufrate, o se pate teng lefarung la lefika.


Mme ke tla nne ke o namolele matsohong a ba babe, ke o lwele matleng a bahale.


Le mpeng le mamele lentswe la Jehova, lona, ba kgolehong kaofela, bao ke ba ntshitseng Jerusalema, ke ba isitse Babilona.


Hobane ke ultwa mehoo e kang ya ya belehang, tsietsi e kang ya ya itshihlollang letsibolo; ke mohoo wa moradi wa Sione, o fehelwa a otlolotse matsoho a hae, o re: Jo! jo nna! moya wa ka o imeditswe ke babolai.


Keriothe o hapilwe, diqhobosheane di kenwe, mme tsatsing leo, pelo tsa bahale ba Moabe di tla ba jwaloka pelo ya mosadi ya belehang.


Morena wa Babilona a ba otla, a ba bolaela Ribla, lefatsheng la Hamathe. Juda a falatswa jwalo lefatsheng la hae, a iswa kgolehong.


Athe palo ya bara ba Iseraele e tla ba jwaloka lehlabathe la lewatle le se nang ho lekanngwa, leha e le ho balwa, mme moo ho itsweng ho bona: Ha le setjhaba sa ka, teng ba tla bitswa: Bara ba Modimo o utlwang.


Bohloko ba pelehi bo tla mo hlahela. Eo ke ngwana ya sethoto, hobane ha a itlhahise nakong ya teng, hore a tswalwe.


Ka baka leo, bonang, ke tla mo qeka, ke mo ise feelleng, ke bue tse kgodisang pelo ya hae.


Empa, haele wena, Bethlehema-Efrata, leha o balwa o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla ntswela eo e tla ba morena wa Iseraele, e leng yena ya leng teng esale tshimolohong, esale mehleng e sa qaleng.


Ka baka leo, o tla ba neela dira, ho tle ho be ho fihle nako eo mobelehi a tla beleha ka yona; mme banababo ba setseng ba tla be ba kgutle hammoho le bara ba Iseraele.


Mosadi a newa dipheo tse pedi tsa ntsu e kgolo, hore a tle a fofele lefeelleng, ditulong tsa hae, moo a fepuwang ka nako e nngwe, le ka dinako, le ho isa mahareng a nako e nngwe, a le hole le noha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos