Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 4:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mme jwale, ditjhaba tse ngata di o bokanetse, di re: A a hlomphollwe, mahlo a rona a tle a bone kotsi ya Sione!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Jwale tjhaba tse ngata di o dikile, di re: “A Sione e ke e silafale, re be re e bone ha e silafala!”

Ver Capítulo Copiar




Mikea 4:11
15 Referencias Cruzadas  

A ba ke ba hlabiswe dihlong, ba suthe kasanthao, bohle ba hloileng Sione.


Ba botsana ba le pelo e le nngwe, ba etsa selekane ho o lwantsha:


Empa yena ha a lemohe hobane ho dutse jwalo, ha a lemohe pelong ya hae hobane ho jwalo, empa se ka pelong ya hae ke ho senya le ho fedisa ditjhaba tse ngata.


Jo! modumo wa ditjhaba tse ngata! Di duma jwaloka lewatle ha le duma. Jo! lerata la ditjhaba, e leng lerata le kang la metsi a mangata!


Bongata ba ditjhaba tsohle tse tlang ho lwantsha Ariele le bohle ba patelang motse wona le qhobosheane ya wona, ba o tsietsang, ba tla ba jwaloka toro le pono ya bosiu.


Selemong sa boroba mono o le mong sa puso ya Tsedekia, ka kgwedi ya leshome, ka la leshome la kgwedi, Nebukadresare, morena wa Babilona, a futuhela Jerusalema, yena le makgotla a hae kaofela; ba emisa pela motse, mme ba haha lerako pela wona ho o kopela hare.


Ka baka leo, Morena Jehova o re: Bona, ke tla o futuhela, Tire; ke tla o nyollela ditjhaba tse ngata, ka mokgwa oo lewatle le nyollang maqhubu a lona.


Morena Jehova o re: Na hase wena eo nkileng ka bolela tsa hao, mehleng ya boholoholo, ka bahlanka ba ka, baporofeta ba Iseraele, ba porofetileng mehleng eo ka dilemo tse ngata, ba itse, ke tla o tlisa hore o ba lwantshe?


Se kgahlwe ke letsatsi la ngwaneno, ke letsatsi la tsietsi ya hae; se thabele ho fela ha bara ba Juda ka letsatsi la ho fela ha bona; se ahlamise molomo wa hao ka boikgohomoso ka letsatsi la tsietsi.


Eo e leng sera ho nna a ke a tadime, a apeswe ke dihlong, yena ya reng ho nna: Jehova, Modimo wa hao, o kae na? Mahlo a ka a tla kgolwa ke kotsi ya hae; jwale, o tla hatakelwa jwaloka seretse sa mmila!


Hape, ka tsatsi leo, ke tla fetola Jerusalema lejwe le boima ho ditjhaba kaofela; bohle ba le emisang ba tla tswa kotsi, mme ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla le bokanela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos