Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 4:11 - BIBELE

11 Jwale tjhaba tse ngata di o dikile, di re: “A Sione e ke e silafale, re be re e bone ha e silafala!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mme jwale, ditjhaba tse ngata di o bokanetse, di re: A a hlomphollwe, mahlo a rona a tle a bone kotsi ya Sione!

Ver Capítulo Copiar




Mikea 4:11
15 Referencias Cruzadas  

Bohle ba hloileng Sione ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba tjhetjhiswe kasanthao.


Ba re: “Tloong, re ba fedise, e se hlole e eba setjhaba, bitso la Iseraele le se hlole le hopolwa.”


Empa hona hase hoo a ho rerang, le ka pelong ya hae ha a ho nahane, hoba sepheo sa hae ke ho timetsa, ke ho fedisa ditjhaba tse ngata.


Utlwang modumo wa matshwele a ditjhaba! A duma sa lewatle le tsudubutlana! Bonang kamoo tjhaba di kgorohang kateng! Di kgoroha sa maqhubu a phuthumana!


Matshwele a tjhaba tsohle tse lwantshang Ariele, a e futuhelang le qhobosheane ya yona, a e futuhele a be a e thibelle, a tla feta sa toro le pono ya bosiu.


Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya leshome, ka selemo sa borobong sa puso ya Sedekiya, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a futuhela Jerusalema ka mabotho a hae wohle, a fihla a hloma pela motse. Ba haha diqhobosheane ho o potapota.


Kahoo Morena Modimo o bua tjena: ‘Wena Tire ke tla o futuhela, ke o bitsetse ditjhaba tse tswang hole, di o lwantshe, jwalokaha lewatle le akgotsa maqhubu a lona.


“ ‘Morena Modimo o bua tjena: Na hase wena eo mehleng e fetileng ke ileng ka bua ka wena, ka bahlanka ba ka, baporofeta ba Iseraele? Mohlang oo ba ile ba porofeta ka dilemo tse ngata, ba re ke tla etsa hore o futuhele Baiseraele.’ ”


Mohla ngwaneno a hlahetsweng ke bomadimabe, o se ke wa mo shebela maotong; mohla tjhaba sa Bajuda se timetswang, o se thabele ho timetswa hoo ha sona; le mohla se leng makaqabetsing, o se ke wa ithorisa hakaalo.


Ke moo dira tsa ka di tla bona, di bone, di aparelwe ke dihlong, tsona dira tse neng di bua ho nna, di re: “O kae Morena Modimo wa hao?” Ke tla bona ha di hatakelwa ka maoto, di hatakelwa sa qhafutso diterateng.


Mohla tsatsi leo, ke tla fetola Jerusalema lefika le ke keng la sisinngwa ke ditjhaba tsohle. Bohle ba lekang ho le sisinya le tla ba pitla. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe, di tla e dikanela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos