Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 4:12 - BIBELE

12 Empa mehopolo ya Morena ha ba e tsebe, le morero wa hae ha ba o utlwisise, yena ya ba bokeletseng sa mangata seotlong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Empa ha di tsebe mehopolo ya Jehova, ha di utlwisise morero wa hae, hobane o di bokeletse jwaloka mangata a seotlong.

Ver Capítulo Copiar




Mikea 4:12
15 Referencias Cruzadas  

O tsebisa ba leloko la Jakobo, o ba tsebisa lentswe la hae, le thato le kahlolo tsa hae ho Iseraele.


Ha ho setjhaba seo a kileng a se etsetsa jwalo, ha ho setjhaba seo a kileng a se tsebisa kahlolo tsa hae. Haleluja!


Empa hona hase hoo a ho rerang, le ka pelong ya hae ha a ho nahane, hoba sepheo sa hae ke ho timetsa, ke ho fedisa ditjhaba tse ngata.


Oho, tjhaba sa ka se ripitlilweng seotlong, jwaloka koro, ke le bolella seo ke se utlwileng, ke se utlwa ho Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele.


Matshwele a tjhaba tsohle tse lwantshang Ariele, a e futuhelang le qhobosheane ya yona, a e futuhele a be a e thibelle, a tla feta sa toro le pono ya bosiu.


Mehopolo ya ka hase mehopolo ya lona, tsela tsa lona hase tsela tsa ka,” ho rialo Morena.


Ke tseba merero eo ke le reretseng yona,’ ho rialo Morena, ‘merero e metle e seng e mebe, merero ya ho le nea tshepo le bophelo ba kamoso.


“O tshukudu ya ka, hlomo sa ka sa ntwa, hobane ka wena ke tla qhemetsaka ditjhaba, ka wena mebuso yohle ke e fedise.


Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Morwetsana Babilona, o tshwana le seotlo, ka nako eo ho polwang ka yona, nako ya hore a kotulwe e haufi.”


Ke tla phutha ditjhaba tsohle, ke di theolele ka Kgohlong ya Jehoshafate, ke di ahlolele hona kateng, ka baka la setjhaba sa ka, setjhaba sa ka sa Iseraele, hobane di ile tsa se qhalanyetsa hara baditjhaba, tsa arola naha ya ka dikotokoto.


Ke eo seoloso sa hae se leng letsohong la hae ho hlwekisa seotlo sa hae le ho bokella koro sesiung sa hae, empa mmoko o tla o tjhesa mollong o sa timeng.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos