Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mikea 4:13 - BIBELE

13 “Wena Moradi wa Sione, tsoha, o pole! Ke tla o kgwesa manaka a tshepe, ke o rwese tlhako tsa lethose, o tlo robokele tjhaba tse ngata.” O tla nyehella Morena ka kgapo ya hao, o mo nyehelle ka leruo la tsona, o nyehelle Morena wa lefatshe lohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Tsoha, o pole, moradi wa Sione, hobane lenaka la hao ke tla le fetola tshepe, ditlhako tsa hao e be koporo, o tle o thuhake di tjhaba tse ngata; ke tla kgethela Jehova leruo la tsona, monono wa tsona ke o kgethele Morena wa lefatshe lohle.

Ver Capítulo Copiar




Mikea 4:13
28 Referencias Cruzadas  

Pesalema ya Davida. Lefatshe ke la Morena le tsohle tse ho lona, lefatshe le bohle ba ahileng ho lona.


Oho, Modimo, bontsha matla a hao, ao o re sebeleditseng ka wona.


Dikgosi tsa Tarashishe le tsa dihlekehleke di ke di mo nyehelle, dikgosi tsa Sheba le tsa Seba di mo tlisetse dithelo.


Ka nako eo Morena wa mabotho o tla tlisetswa dimpho, ke ba balelele, ba sotseng, ba tjhaba se tshajwang hole le haufi, tjhaba se matla, se hatakelang, seo naha ya sona e tletsatletseng dinoka; mpho di tliswe Thabeng ya Sione, moo ho kgumamelwang Morena wa mabotho.


Oho, tjhaba sa ka se ripitlilweng seotlong, jwaloka koro, ke le bolella seo ke se utlwileng, ke se utlwa ho Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele.


Phaello eo e tla e fumana ka kgwebo ya yona e tla e abela Morena. E ke ke ya boloka phaello eo ho ithuisa ka yona, empa e tla newa ba kgumamelang Morena, mme bona ba tla kgora, ba apare tse majabajaba.


Metsu ya bona e ntjhotjho, diqha tsa bona di dutse di kobilwe, tlhako tsa pere tsa bona eka mahakwe, mabidi a koloi tsa bona tsa ntwa eka setsokotsane.


“O tshukudu ya ka, hlomo sa ka sa ntwa, hobane ka wena ke tla qhemetsaka ditjhaba, ka wena mebuso yohle ke e fedise.


Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Morwetsana Babilona, o tshwana le seotlo, ka nako eo ho polwang ka yona, nako ya hore a kotulwe e haufi.”


“Mehleng ya dikgosi tseo, Modimo ya lehodimong o tla thea mmuso o ke keng wa hlola o fediswa, o ke keng wa hlolwa ke ditjhaba tse ding. Mmuso oo o tla thuakanya, o timetse mebuso e meng yohle, empa wona o tla hlola kamehla yohle.


Efraime ke kgongwana e thapisitsweng, ke kgongwana e ratang ho pola mabele; molaleng wa yona o motle ka bea joko, ka bofella Efraime mohomeng hore a leme, Jakobo yena a tle a phophothe makwete.


Masalla a Jakobo a tla ba teng, a be teng hara ditjhaba tse ngata, a be jwaloka phoka e tswang ho Morena, a be jwaloka medupe e kolobisang jwang, medupe e sa ke be e laelwe ke motho, kapa e emele ho phetha thato ya motho.


Wa hata hodima lefatshe o halefile, wa hatakela ditjhaba o hlokofetse.


Mohla tsatsi leo, ke tla fetola Jerusalema lefika le ke keng la sisinngwa ke ditjhaba tsohle. Bohle ba lekang ho le sisinya le tla ba pitla. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe, di tla e dikanela.


“Mohla tsatsi leo, ke tla fetola baholo ba Juda, ke ba etse pitsa e hlenneng hara tetema ya mollo, e ke serumola se tukang hara mangata a koro. Ba tla bolaya ditjhaba tsohle tse e potapotileng, empa Jerusalema yona e tla sala e ntse e ena le baahi moo e leng teng.


Yaba le re: “A tshwantsha banna ba babedi, ba tlotseditsweng ho sebeletsa Morena wa lefatshe lohle.”


Lengeloi la nkaraba, la re: “Ena ke meya e mene ya lehodimo, e tswang kapele ho Morena wa lefatshe lohle.


Ka tsatsi le qalang beke, e mong le e mong wa lona a bee ho hong kathoko ha hae, ho ya kamoo a sitsitsweng kateng; dikoleke di etswe ke eso fihle.


Mekwallo ya hae e be ya tshepe le ya lethose, matla a boqhekung a tshwane le a botjheng ba hae.’


Empa ha e le silefera, le kgauta, le dijana tse entsweng ka lethose le ka tshepe, ke tsa Morena. Tsona di tla kena letloleng la Morena.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos