Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 23:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Mme nna, ke tla bokella tse setseng tsa mohlape wa ka mafatsheng wohle moo ke di hasanyeditseng teng, ke tla di busetsa makgulong a tsona, di tle di ngatafale, di ate.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 “Nna ka seqo, ke tla bokella masalla a mohlape wa ka dinaheng tsohle tseo ke neng ke o leleketse ho tsona, ke boele ke o kgutlisetse masakeng a wona, mme o tla tswala, o anafale.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 23:3
28 Referencias Cruzadas  

Jehova, Modimo wa rona, o re lopolle, o re bokelle, o re ntshe hara ditjhaba, re tle re binele lebitso la hao le halalelang, re ithorise kganyeng ya hao.


Ba mpa ba tla re: Jehova o a phela ya nyolotseng bana ba Iseraele lefatsheng la Leboya le mafatsheng wohle, moo a neng a ba qhalanyeditse teng; mme ke tla ba busetsa lefatsheng leo ke le neileng bontata bona.


Ke tla nne ke fumanwe ke lona, ho bolela Jehova, mme ke tla busetsa ba lona ba kgolehong, ke le bokelle ditjhabeng tsohle le dinqalong tsohle moo ke le qhalanyeditseng teng, ho bolela Jehova; ke tla le busetsa nqalong ena eo ke le faladitseng ho yona.


Mme jwale, wena mohlanka wa ka Jakobo, se tshabe, ho bolela Jehova; se thothomele, Iseraele, hobane bona, ke tla o pholosa, ke o late naheng e hole, ke late le leloko la hao lefatsheng la kgoleho; Jakobo o tla boya, a itulele, a iketle, mme ha a sa tla tshabiswa ke motho.


Hobane bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tla kgutlisa ba kgolehong ba setjhaba sa ka sa Iseraele le sa Juda, ho bolela Jehova, ke ba busetse lefatsheng leo ke le neileng bontata bona, ba tle ba le rue.


Hobane ho itswe ke Jehova: Etsetsang Jakobo ditlatse tsa nyakallo, le thabe le le sehloohong sa ditjhaba; utlwahatsang dithoko, le re: Jehova, pholosa setjhaba sa hao, masala a Iseraele!


Bonang, ke tla ba lata lefatsheng la Leboya, ke ba bokelle dipheletsong tsa lefatshe, sefofu se leng hara bona le sehlotsa, moimana le motswetse hammoho; ba tla kgutlela kwano e le bongata bo boholo.


o re: Bonang ke tla ba bokella mafatsheng wohle moo ke ba qhalanyeditseng teng ka bohale ba ka, le ka kgalefo ya ka, le ka hlwenyo e kgolo ya ka; ke tla ba busetsa nqalong ena, ke ba ahise ka boiketlo.


Empa wena, o se ke wa tshaba, mohlanka wa ka, Jakobo, o se ke wa tshoha, Iseraele, hobane bona, ke tla o lopolla le lefatsheng le hole, ke lopolle le ditloholo tsa hao lefatsheng la kgoleho ya bona: Jakobo o tla boya, a dule, a iketle, a sa tshoswe ke motho.


Ke tla busetsa Iseraele leahong la hae; o tla nne a alohele Karmele le Bashane, moya wa hae o kgore le thabeng ya Efraime le Gileade.


Mme ho tla ratwa lefu haholo ho bophelo ke masala kaofela a setseng a mofuta oo o mobe, hohle moo ke a qhalanyeditseng teng, ho bolela Jehova wa makgotla.


Ha ho le jwalo, ere: Morena Jehova o re: Ke tla le phutha ditjhabeng, ke le bokelle dinaheng tseo le qhalanyeditsweng ho tsona, mme ke tla le nea lefatshe la Iseraele.


Ho lona, ke tla ngatafatsa batho le diphoofolo; ba tla ata, le ho ngatafala. Ke tla etsa hore le ahuwe jwaloka mehleng ya lona ya kgale, ke le etse hantle ho feta mehleng ya qalo ya lona; le tle le tsebe hobane ke nna Jehova.


Ke tla le lata ditjhabeng, ke le phuthe mafatsheng wohle, ke tle ke le busetse naheng ya heno.


Morena Jehova a re: Ke sa tla dumela ho batlelwa ho hong ke ba ntlo ya Iseraele hore ke ba etsetse hona: ke tla ba atisetsa batho ba be ka ka mohlape wa dinku.


Ke tla nne ke le tadime, ke le atise, ke le ngatafatse, mme ke tla tiisa selekane sa ka le lona.


Ke tla o bokella, ke o bokelle ruri, wena Jakobo kaofela; ke tla phutha le ho phutha masala a Iseraele; ke tla ba bea hammoho jwaloka dinku tse hara lesaka, jwaloka mohlape o hara makgulo; e tla ba boiyane ba batho.


Mohlang oo, ho tla tluwa ho wena, ho tswa Assiria ho isa metseng ya Egepeta, le ho tloha Egepeta ho isa nokeng, le ho tloha lewatleng le leng ho isa lewatleng le leng, le ho tloha thabeng e nngwe ho isa thabeng e nngwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos