Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 23:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ke tla di nea badisa ba di alosang; ha di sa tla tshaba, ha di sa tla thothomela, ha ho ka ke ha hlokahala le e nngwe ya tsona, ho bolela Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ke tla o kgethela badisa ba tla o alosa. Ha o sa tla hlola o tshaba letho, kapa o tsieleha, mme ha ho le e nngwe ya wona e tla lahleha,” ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 23:4
25 Referencias Cruzadas  

Hape, mohlang oo, Morena o tla boela a otlolle letsoho la hae hape la bobedi ho lopolla masala a setjhaba sa hae a siilweng naheng ya Assiria, le Egepeta, le Pathrose, le Ethiopia, le Elame, le Shineare, le Hamathe, le dihlekehlekeng tsa lewatle.


Mme jwale, wena mohlanka wa ka Jakobo, se tshabe, ho bolela Jehova; se thothomele, Iseraele, hobane bona, ke tla o pholosa, ke o late naheng e hole, ke late le leloko la hao lefatsheng la kgoleho; Jakobo o tla boya, a itulele, a iketle, mme ha a sa tla tshabiswa ke motho.


Utlwang lentswe la Jehova, lona ditjhaba, le tsebise dihlekehleke tse hole, le re: Ya hasantseng Iseraele o a mmokella; o tla mo disa jwalokaha modisa a disa mohlape wa hae.


le hona ke tla lahla ditloholo tsa Jakobo le tsa Davida, mohlanka wa ka, ke se ke ka hlola ke nka baneng ba hae ya tla busa ditloholo tsa Abrahama le tsa Isaaka le tsa Jakobo; hobane ke tla busetsa ba kgolehong ba bona, ke ba hauhele.


Ho lona, ke tla ngatafatsa batho le diphoofolo; ba tla ata, le ho ngatafala. Ke tla etsa hore le ahuwe jwaloka mehleng ya lona ya kgale, ke le etse hantle ho feta mehleng ya qalo ya lona; le tle le tsebe hobane ke nna Jehova.


Ke tla nne ke le tadime, ke le atise, ke le ngatafatse, mme ke tla tiisa selekane sa ka le lona.


Ba tla dula e mong le e mong katlasa feiye ya hae le katlasa morara wa hae, ho se ya ba tshosang, hobane molomo wa Jehova wa makgotla o boletse.


Empa, haele wena, Bethlehema-Efrata, leha o balwa o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla ntswela eo e tla ba morena wa Iseraele, e leng yena ya leng teng esale tshimolohong, esale mehleng e sa qaleng.


Disa setjhaba sa hao ka lere la hao, e leng dinku tsa lefa la hao tse ahileng di nnotshi morung o hara Karmele; a di ke di alohele Bashane le Gileade, jwaloka mohla monene!


Masala a Iseraele a ke ke a etsa bokgopo, a ke ke a bolela leshano, leleme la bohata le ke ke la fumanwa melomong ya bona; ba tla fula, ba ye ba bothe, ho se ya ba tshosang!


Bahlanka ba hao ba badile bahlabani ba neng ba le taolong ya rona, mme ha ho le a mong wa rona ya hlokahalang.


Enere ha ke sa na le bona lefatsheng, ka nna ka ba boloka ka lebitso la hao. Ke sireleditse bao o nneileng bona, mme ha ho le a mong wa bona ya timetseng, haese mora timelo, hore Lengolo le etsahale.


Ya eba hore lentswe le etsahale, leo a neng a le boletse, ha a itse: Ha ke a ka ka lahla le a mong wa bao o nneileng bona.


lona ba bolokwang ke matla a Modimo ka tumelo, le tle le amohele poloko e seng e lokiseditswe ho bonahatswa nakong ya qetello.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos