Sofonia 2:7 - BIBELE7 E tla ba ya masalla a ba ntlo ya Juda, moo a alosetsang mehlape ya wona teng. Mantsiboya a tla botha ka matlung a Ashekelone, Morena Modimo wa wona, a a baballe, a a buseletse boiketlo ba wona.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)7 E tla ba naha ya masala a ntlo ya Juda; teng, ba tla fudisa mehlape ya bona; mantsiboya, ba robale matlung a Ashkelone; hobane Jehova, Modimo wa bona, o tla ba etela, a kgutlise baholehuwa ba bona. Ver Capítulo |
Batho ba tla reka masimo ka tjhelete, ho ngolwe ho be ho tiiswe mangolo a theko, ho bitswe dipaki tse tswang naheng ya Benjamine le dibakeng tse haufi le Jerusalema, le metseng ya Juda, le metseng e dithabeng, le metseng e ka dikgohlong, le metseng e ka Borwa. Ke tla etsa hore bathopuwa ba kgutle, ho rialo Morena.”
Ka baka leo, ke a hlapanya,” ho rialo Morena wa mabotho, Morena Modimo wa Iseraele. “Moabe e tla ba jwaloka Sodoma, Amone yona e be jwaloka Gomora, naha e tletseng bobatsi le matjheko a letswai, naha e fetohileng nanaola ya mehla yohle. Masalla a tjhaba sa ka a tla e lobela, ba phonyohileng ba tjhaba sa ka ba e hape.