Sofonia 2:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)7 E tla ba naha ya masala a ntlo ya Juda; teng, ba tla fudisa mehlape ya bona; mantsiboya, ba robale matlung a Ashkelone; hobane Jehova, Modimo wa bona, o tla ba etela, a kgutlise baholehuwa ba bona. Ver CapítuloBIBELE7 E tla ba ya masalla a ba ntlo ya Juda, moo a alosetsang mehlape ya wona teng. Mantsiboya a tla botha ka matlung a Ashekelone, Morena Modimo wa wona, a a baballe, a a buseletse boiketlo ba wona.” Ver Capítulo |
Masimo a tla nne a rekwe ka tjhelete, ba tla nne ba ngole mangolo a theko, ba a tiise, ba nke dipaki lefatsheng la Benjamine, le mathokong a Jerusalema, le metseng ya Juda, le metseng e thabeng, le metseng ya lehwatata, le metseng e ka nqa borwa; hobane ke tla busetsa ba hapilweng ba bona, ho bolela Jehova.
Ka baka leo, Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, o re: Ke a phela, ke re, Moabe o tla ba jwaloka Sodoma, bana ba Ammone ba be jwaloka Gomorra, e leng lefa la bobatsi, le dikgatampi tsa letswai, le nahathothe ka ho sa feleng; masala a setjhaba sa ka a tla ba lobela, le se setseng sa batho ba ka, se tla ba rua ka mokgwa wa lefa.