Jeremia 33:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)7 ke busetse ba hapilweng ba Juda le ba hapilweng ba Iseraele, ke boele ke ba ahise jwaloka mehleng ya pele. Ver CapítuloBIBELE7 Ke tla etsa hore bathopuwa ba Juda le bathopuwa ba Jerusalema ba kgutle, ke ba tsitsise jwaloka pele. Ver Capítulo |
Masimo a tla nne a rekwe ka tjhelete, ba tla nne ba ngole mangolo a theko, ba a tiise, ba nke dipaki lefatsheng la Benjamine, le mathokong a Jerusalema, le metseng ya Juda, le metseng e thabeng, le metseng ya lehwatata, le metseng e ka nqa borwa; hobane ke tla busetsa ba hapilweng ba bona, ho bolela Jehova.
ho sa tla utluwa teng lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le lentswe la ba reng: Lebohang Jehova wa makgotla, hobane Jehova o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng, ha ba ntse ba tlisa diteboho tsa bona tlung ya Jehova. Hobane ke tla busetsa ba hapilweng ba lefatshe lena, ba be jwaloka mehleng ya pele, ho bolela Jehova.