Jeremia 33:7 - BIBELE7 Ke tla etsa hore bathopuwa ba Juda le bathopuwa ba Jerusalema ba kgutle, ke ba tsitsise jwaloka pele. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)7 ke busetse ba hapilweng ba Juda le ba hapilweng ba Iseraele, ke boele ke ba ahise jwaloka mehleng ya pele. Ver Capítulo |
Batho ba tla reka masimo ka tjhelete, ho ngolwe ho be ho tiiswe mangolo a theko, ho bitswe dipaki tse tswang naheng ya Benjamine le dibakeng tse haufi le Jerusalema, le metseng ya Juda, le metseng e dithabeng, le metseng e ka dikgohlong, le metseng e ka Borwa. Ke tla etsa hore bathopuwa ba kgutle, ho rialo Morena.”
ho tla boela ho utlwahala mehoo ya thabo le ya nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le mantswe a binang, ha ba tlisa nyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena, ba re: “ ‘Lebohang Morena wa mabotho, hobane Morena o lokile, mohau wa hae ke wa kamehla yohle,’ “hobane ke tla kgutlisa bathopuwa ba naha ena, mme ba tla ba jwaloka pele, ho rialo Morena.