Nka o tshwarela jwang? Bana ba hao ba ntlhobohile, ba ana ka medimo e leng siyo; ke ba antshitse, empa ba ntse ba feba, ba bokana ka bongata tlung ya seotswa.
“Nka o tshwarela tsee ka baka lang? Bana ba hao ba mphuraletse, ba hlapanya ka medimo eo e seng medimo. Hoba ke ba fepe, ba je sa mpanaphatloha, ba ile ba ikabela ho etsa bofebe, ba hlolokana matlung a diotswa.
Ana ha le a ka la leleka baprista ba Jehova, e leng bara ba Aarone le Balevi, mme le iketseditse baprista ka mokgwa wa ditjhaba tsa mafatshe a mang na? Mang le mang ya itlisitseng, a ena le pohwana le dipheleu tse supileng, a tle a kgethelwe boprista, o entswe moprista wa seo e seng Modimo.
Ekare ha ba ithuta mekgwa ya setjhaba sa ka hantle, hore ba tle ba ane ka lebitso la ka, ba re: Ka Jehova ya phelang, kamoo ba rutileng setjhaba sa ka kateng ho ana ka Baale, ke tla ba ahisa hara setjhaba sa ka.
Bofebe ba hao le ditakatso tsa hao tse dumang, bootswa bo tlodisang ba hao ke bo bone dithabeng le dithoteng; ke bone manyala a hao! Jo! wena Jerusalema, ha o ka ke wa ntlafala ho isa ho le hokae!
O tla re ho bona: Ke hobane bontata lona ba ntlhobohile, ho bolela Jehova, ba nnile ba tsamaela medimo esele, ba e sebeleditse, ba e kgumametse; haele nna, ba ntlhobohile, ha ba ka ba boloka melao ya ka.
A lona ba mofuta! mamelang lentswe la Jehova: Na nkile ka ba naha e tshehla ho Iseraele, kapa naha ya lefifi le letsho na? Setjhaba sa ka se bolela jwang, ha se re: Re tla nne re mathela mane le mane; ha re sa tla kgutlela ho wena?
Nna ka re: Nka o bea jwang baneng ba ka, nka o nea jwang lefatshe le lakatsehang, leruo le letle la makgotla a ditjhaba? Ka re: Le tla mpitsa Ntate, mme ha le sa tla nkwenehela.
Ha ke se ke hladile Iseraele mokwenehi ka baka la mekgwa yohle ya hae ya bofebe, ke mo neile le lengolo la hlalo, ka bona hobane Juda, ngwanabo ya sa tshepehang, ha a ka a tshaba, a mpa a ya, mme le yena a nna a feba.
Le reng? Le re, ho utswa, ho bolaya, ho feba, ho ana ka leshano, ho tjhesetsa Baale dibano, le ho tsamaela medimo esele eo le sa e tsebeng, le ka etsa tseo;
Oho! hojane ebe hlooho ya ka e le metsi le mahlo a ka e le sediba sa meokgo, nka be ke llela ba bolailweng ba moradi wa setjhaba sa ka motshehare le bosiu!
Oho! hojane ebe ke ena le motlotlwane wa phapohelo feelleng, nka be ke hloboha setjhaba sa ka, ke tle ke ye hole le sona, hobane ke bafebi kaofela, ke lekgotla la ba bolotsana.
Oho! nka o lahla jwang, Efraime? Iseraele, nka o tela jwang? Nka o lahla jwang jwaloka Adma? Nka o etsa jwang jwaloka Tseboime? Pelo ya ka e fetoha ka ho nna, mehauhelo ya ka yohle e tsohile.
Ke tla atamela ho lona ho etsa kahlolo, ke be paki e akofang hodima baloi, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang moputso wa ya sebetsang, le ba jang mosadi wa mohlolohadi le kgutsana, le ba hlorisang moditjhaba, ba sa ntshabe, ho bolela Jehova wa makgotla.
Jwale, ha e le ka ho ja dijo tse halbetsweng ditshwantsho, re a tseba hore setshwantsho hase letho lefatsheng, le hore ha ho Modimo o mong, haese o le mong feela.
Empa Jeshurune a nona, mme a raha. Wa nona, wa iketsa ya nyenya, le ya kgurumeditsweng ke mafura. O lahlile Modimo o mo entseng, o nyedisitse Lefika la poloko ya hae.
Ba mpouledisitse ka seo e seng Modimo, ba nkgalefisitse ka masawana a bona; le nna ke tla ba bouledisa ka setjhaba seo e seng setjhaba, ke ba halefise ka setjhaba se se nang kelello.
Banna le basadi ba bafebi, hleka ha le tsebe hoba ho rata lefatshe ke ho lwantsha Modimo na? Efela ya phehellang ho iketsa motswalle wa lefatshe o ipea sera ho Modimo.
Le se ke la kopana le ditjhaba tsena tse setseng hara lona; le se ke la bolela mabitso a medimo ya tsona, le se ke la ana ka yona, le se ke la e sebeletsa, le se ke la inama pela yona.