Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 5:7 - BIBELE

7 “Nka o tshwarela tsee ka baka lang? Bana ba hao ba mphuraletse, ba hlapanya ka medimo eo e seng medimo. Hoba ke ba fepe, ba je sa mpanaphatloha, ba ile ba ikabela ho etsa bofebe, ba hlolokana matlung a diotswa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Nka o tshwarela jwang? Bana ba hao ba ntlhobohile, ba ana ka medimo e leng siyo; ke ba antshitse, empa ba ntse ba feba, ba bokana ka bongata tlung ya seotswa.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 5:7
39 Referencias Cruzadas  

Na hase lona ba lelekileng baprista ba Morena, e leng bara ba Arone, le Balevi, mme la itlhomamisetsa baprista, ho latela mekgwa ya ditjhaba tsa dinaha tse ding? E mong le e mong ya tlang a qhoba pohwana le dipheleu tse supileng, le mo etsa moprista wa medimo eo ya bohata.


Ke mollo o tjhesang ho isa timelong, o tla fedisa maruo a ka kaofela.


Ha o bona leshodu, o so kgema le lona; o motswalle wa difebe.


Haeba ba ithuta mekgwa ya setjhaba sa ka hantle, mme ba hlapanya ka lebitso la ka, jwalokaha ba ile ba ruta setjhaba sa ka ho hlapanya ka Baale, ba re: ‘Ka Morena ya phelang,’ ba tla tsitsa hara setjhaba sa ka.


Bofebe ba hao ke bo bone hantle, le ho lla ha hao ho kang ha pere e palesitse! Ke bone diketso tsa bootswa ba hao, le manyala a hao hodima maralla le masimong. O madimabe hakaakang, wena Jerusalema! O tla ba sesila ho fihlela neng?”


Jwale wena o tle o re ho sona: ‘Ke hobane bo-ntata lona ba ile ba mphuralla,’ ho rialo Morena, ‘ba latela medimo esele, ba e sebeletsa, ba e kgumamela. Nna ba ile ba mphuralla, ba se ke ba boloka melao ya ka.


Na motho a ka tseba ho iketsetsa modimo? E, empa eo yona hase medimo!”


Na tjhaba se teng se kileng sa fetola medimo ya sona, le hoja medimo eo e ne le ya bohata? Empa tjhaba sa ka se anantse nna, nna Tlotla ya sona, sa nkananya ka medimo e se na thuso.


“Lona ba moloko ona, mamelang lentswe la Morena: Na ke bile lehwatata ho Baiseraele, ka ka naha e lefifi ho bona? Ke ka baka lang ha tjhaba sa ka se re: ‘Rona re tla iketsetsa borata, ha re ka ke ra kgutlela ho wena?’


Naha ena yohle e se e tletse difebe, ka baka la thohako naha e apere bofifi, makgulo a dithota a omeletse. Tsela tsa difebe tsena ke tse kgopo, matla a tsona ha a sebediswe ka toka.


Yaba Morena o re: “Ke ne ke tla thabela ho le etsa bana ba ka, ke le abele naha e kgahlehang, lefa le letle ho feta mafa a tjhaba tsohle. Ka ba ka re: Lona le tla mpitsa Ntate, mme le ke ke la kgaotsa ho ntatela.


Iseraele ya hlokang botshepehi ka mo hlala, ka ba ka mo nea lengolo la tlhalo, ka baka la tsohle tsa bokwenehi ba hae, le tsa bohlola boo a bo entseng, empa Juda, kgaitsedi ya Iseraele e hlokang botshepehi, ha a a ka a tshaba, yaba le yena o etsa bootswa.


Na le tla utswa, le bolaye, le febe, le hlapanye ka leshano, le tjhesetse Baale mokubetso, le kgumamele medimo esele, eo le sa e tsebeng;


Hoja hlooho ya ka ke sediba sa metsi, mahlo a ka ebe ke mohlodi wa dikeledi, ke tle ke lle motsheare le bosiu, ke llele tjhaba sa heso se bolailweng.


Hoja ke na le motlotlwane hara lehwatata, moo baeti ba ka robaletsang teng, ke tle ke tlohe hara tjhaba sena sa heso, ke itsamaele ke ye hole le sona, hoba kaofela ha sona ke difebe, ke mokgopi wa batho ba bolotsana!


“Re sitilwe, ra ba ra kweneha, wena Morena ha o a re tshwarela.


Ba bang ba feba le basadi ba banna ba ahelaneng le bona, ba bang ba silafatsa dingwetsi tsa bona ka ho feba le tsona, ba bang ba robala le dikgaitsedi tsa bona, tse tswang mathekeng a bo-ntata bona.


“Wena Efraime, nka o lahla jwang? Wena Iseraele, ka neelana ka wena jwang? Nka o timetsa sa Adema jwang? Ka o etsisa Seboime jwang? Pelo ya ka e nkganela ho etsa jwalo, lerato la ka le a hlasimoloha.


Ka ba fepa, ba eja, ba ba ba kgora; yare ha ba kgotshe ba qala ho ikgohomosa, kahoo yaba ba se ba ntebala.


Ke mahlapa, ke leshano, ke dipolao, ke boshodu, ke ho etsa bohlola! Melao yohleyohle ba a e tlola, madi a tsholoha a sa tswa tsholoha!


Kaofela ha bona ba etsa bofebe, ba tuka sa sebopi se beseleditswe, mophehi a sa hloke ho se roteletsa, ho tloha ha a qala ho duba hlama, ho fihlela hlama eo e ba e bela.


“ ‘Haeba monna ofe kapa ofe a feba le mosadi wa monna e mong, bobedi ba batho bao ba febang ba tla bolawa.


Ba hlapanyang ka medingwana ya Samaria, kapa ba reng: ‘Ka modimo wa hao, ya phelang, wena Dane,’ kapa ba reng: ‘Ka modimo ya phelang, modimo wa Beeresheba,’ ba tla wa, ba sa tlohlola ba tsoha.”


bona ba obamang ba le hodima matlo, bona ba obamang, ba kgumamela dinaledi, ba kgumamela kgwedi, ba kgumamela letsatsi, bona ba obamang, ba hlapanye ka bitso la Morena, empa ba ntse ba hlapanya le ka Milekome.


“Ke tla fihla hara lona ke le ahlole. Ha ke na ho qeaqea ho qosa dinohe, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang basebetsi moputso wa bona, le ba hatellang bahlolohadi le dikgutsana, le ba hlokelang baditjhaba toka, le bohle ba sa ntlhompheng,” ho rialo Morena wa mabotho.


Kapa na ha le tsebe hore ba kgopo ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo? Le se ke la ithetsa: dihlola, le basebeletsi ba medimo ya bohata, le difebe, le ba janang maotwana,


Ha ho le jwalo, tabeng ya ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata, re a tseba hore modimo wa bohata hase ntho e teng ho hang, le hore Modimo o mong feela.


Nakong e fetileng, ka ho se tsebe Modimo, le ile la ba makgoba a tseo ka boleng ba tsona e seng medimo.


“Jakobo a ja, a kgora, Jeshurune a nona, a ba a penya, a lahla Modimo e le Mmopi wa hae, a nyedisa Fika le mo pholositse.


Ba mphepheditse ka hoo e seng Modimo, ba nkgalefisa ka medimo ya mafeela; ke tla ba phephetsa ka bao e seng setjhaba, ke ba halefise ka tjhaba se hloka kelello.


Bohle ba hlomphe lenyalo, mme dikano tsa lona di bolokwe ka botshepehi. Modimo o tla ahlola dihlola le difebe.


Lona bakwenehi, na ha le tsebe hore ho etsa setswalle le lefatshe ke bora ho Modimo? Mang le mang ya ratang ho ba motswalle wa lefatshe o iketsa sera sa Modimo.


Le se ke la kopakopana le ditjhaba tsena tse setseng hara lona; le se ke la bua le ka mabitso a medimo ya tsona, kapa la hlapanya ka yona, kapa la e sebeletsa, kapa la e kgumamela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos