Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 5:8 - BIBELE

8 Ba ka poho tsa dipere tse fepehileng, tse batlang ho thokola, monna ka mong o lakatsa mosadi wa e mong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ke dipere tse kgotsheng, tse mathang kahohle; e mong le e mong o llela mosadi wa molekane wa hae.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 5:8
15 Referencias Cruzadas  

Tlung ena ha a moholo ho nna; hape ha ho letho leo a nkganelang ka lona, haese wena, hobane o mosadi wa hae. Jwale nka etsa bokgopo bo bokaalo jwang, ka sitelwa Modimo?”


“Haeba pelo ya ka e hohetswe ke mosadi, eba nkile ka lalla monyakong wa mohaeso,


“O se ke wa feba.


“O se ke wa lakatsa hore ntlo ya motho e mong e be ya hao. O se ke wa lakatsa mosadi wa hae, kapa mohlanka wa hae, kapa lekgabunyane la hae, kapa pholo ya hae, kapa tonki ya hae, kapa ntho e nngwe le e nngwe eo e leng ya motho e mong.”


O jwalo ya kenang kobong tsa mosadi wa motho, ya amang mosadi, eo a ke ke a phema kahlolo!


Bofebe ba hao ke bo bone hantle, le ho lla ha hao ho kang ha pere e palesitse! Ke bone diketso tsa bootswa ba hao, le manyala a hao hodima maralla le masimong. O madimabe hakaakang, wena Jerusalema! O tla ba sesila ho fihlela neng?”


Naha ena yohle e se e tletse difebe, ka baka la thohako naha e apere bofifi, makgulo a dithota a omeletse. Tsela tsa difebe tsena ke tse kgopo, matla a tsona ha a sebediswe ka toka.


hobane ba ne ba entse manyala naheng ya Iseraele. Ba etsa bohlola le basadi ba ba ahelaneng le bona, ba bua leshano ka lebitso la ka, empa ke sa ba laela ho bua jwalo. Le nna ke a tseba, mme ke paki,’ ho rialo Morena.”


“Lona ba lobetseng lefa la ka, le hoja le thabile, le nyakaletse, le ralotsa sa sethojana se qeta ho pola mabele, le tsetsela jwaloka poho tsa dipere,


Hoja ke na le motlotlwane hara lehwatata, moo baeti ba ka robaletsang teng, ke tle ke tlohe hara tjhaba sena sa heso, ke itsamaele ke ye hole le sona, hoba kaofela ha sona ke difebe, ke mokgopi wa batho ba bolotsana!


Ba bang ba feba le basadi ba banna ba ahelaneng le bona, ba bang ba silafatsa dingwetsi tsa bona ka ho feba le tsona, ba bang ba robala le dikgaitsedi tsa bona, tse tswang mathekeng a bo-ntata bona.


“ ‘O se ke wa feba.


“ ‘O se ke wa lakatsa mosadi wa motho e mong. O se ke wa lakatsa hore ntlo ya motho e mong e be ya hao; leha e le tshimo ya hae, kapa mohlanka wa hae, kapa lekgabunyane la hae, kapa pholo ya hae, kapa tonki ya hae, kapa ntho e nngwe le e nngwe eo e leng ya motho e mong.’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos