Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 7:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ke bafebi kaofela; ba jwaloka sebopi se besitsweng ke moapehi. O lesa ho tsosa mollo, ha a qala ho duba, hlama e be e kokomohe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Kaofela ha bona ba etsa bofebe, ba tuka sa sebopi se beseleditswe, mophehi a sa hloke ho se roteletsa, ho tloha ha a qala ho duba hlama, ho fihlela hlama eo e ba e bela.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 7:4
10 Referencias Cruzadas  

Hobane lefatshe le tletse bafebi; lefatshe le lla ke dithohako, makgulo a nahathothe a tjhele. Metsamao ya bona e mebe, matla a bona ke a sa lokang.


Oho! hojane ebe hlooho ya ka e le metsi le mahlo a ka e le sediba sa meokgo, nka be ke llela ba bolailweng ba moradi wa setjhaba sa ka motshehare le bosiu!


Oho! hojane ebe ke ena le motlotlwane wa phapohelo feelleng, nka be ke hloboha setjhaba sa ka, ke tle ke ye hole le sona, hobane ke bafebi kaofela, ke lekgotla la ba bolotsana.


Ba tla ja, empa ba ke ke ba kgora; ba tla feba, empa ba ke ke ba ata, kahobane ba tlohetse ho hlokomela Jehova.


Setjhaba sa ka se botsa sefate sa sona, mme thupa ya sona e a se eletsa, hobane moya wa bofebe o a ba kgelosa, ba feba ka ho itokolla ho Modimo wa bona.


Ho a hlapanngwa, ho a thetswa, ho a bolawa, ho a utsuwa, ho a fejwa, ho tsohelwa batho matla, mme madi a ntse a tshollwa hodima madi a mang.


Ha le na tokelo ya ho ithorisa! Na ha le tsebe hoba tomoso e nyenyane e hohomosa hlama kaofela na?


Banna le basadi ba bafebi, hleka ha le tsebe hoba ho rata lefatshe ke ho lwantsha Modimo na? Efela ya phehellang ho iketsa motswalle wa lefatshe o ipea sera ho Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos