Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 23:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Le se ke la kopana le ditjhaba tsena tse setseng hara lona; le se ke la bolela mabitso a medimo ya tsona, le se ke la ana ka yona, le se ke la e sebeletsa, le se ke la inama pela yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Le se ke la kopakopana le ditjhaba tsena tse setseng hara lona; le se ke la bua le ka mabitso a medimo ya tsona, kapa la hlapanya ka yona, kapa la e sebeletsa, kapa la e kgumamela.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 23:7
23 Referencias Cruzadas  

ba sebeletsa ditshwantsho tseo Jehova a neng a itse ho bona: Le se ke la di sebeletsa.


Taba ke ena: Ha monga ka a kena ka tlung ya Rimmone, ho kgumama teng, mme a ikokotlela ka letsoho la ka, Jehova a ntshwarele nna, ke leng mohlanka wa hao, ha ke kgumama le nna tlung ya Rimmone; ke re, ha ke kgumama tlung ya Rimmone, Jehova a ntshwarele taba ena.


Empa ha le ka mphuralla, la lahla dikomelo tsa ka le ditaelo tsa ka tseo ke le beetseng tsona, la ya sebeletsa medimo esele, la e kgumamela,


Ho atiswa medimo ya bohata, ho nyehellwa medimo esele. Nke ke ka hlahisa ditshelo tsa yona tsa madi, mabitso a yona a ke ke a hlaha melomong ya ka.


O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa: hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;


Le hlokomele tsohle tseo ke le boleletseng tsona; le se ke la ba la bolela lebitso la medimo e meng; le se ke la bolelwa ke molomo wa hao.


Ba ke ke ba aha lefatsheng la hao, esere ba etsa hore o ntshitelwe ka ho sebeletsa medimo ya bona; hobane hoo e ka ba leraba ho wena.


O se ke wa kena tseleng ya ba bolotsana, o se ke wa hata le mmileng wa bakgopo.


Ekare ha ba ithuta mekgwa ya setjhaba sa ka hantle, hore ba tle ba ane ka lebitso la ka, ba re: Ka Jehova ya phelang, kamoo ba rutileng setjhaba sa ka kateng ho ana ka Baale, ke tla ba ahisa hara setjhaba sa ka.


Nka o tshwarela jwang? Bana ba hao ba ntlhobohile, ba ana ka medimo e leng siyo; ke ba antshitse, empa ba ntse ba feba, ba bokana ka bongata tlung ya seotswa.


Ke tla tlosa mabitso a boBaale molomong wa hae, hore mabitso a bona a se ke a hlola a bolelwa.


le ba kgumamang hodima matlo pela lekgotla la lehodimo, le bakgumami ba anang ka Jehova, ba anang le ka morena wa bona;


mme ba rea metse eo ba e hahileng mabitso.


Empa ha le sa lelekise baahi ba naha pela lona, bao le ba tlohetseng ba tla ba jwaloka meutlwa mahlong a lona, le ditsenene mahlakoreng a lona; ba tla le patisa naheng eo le ikahelang ho yona.


Le se ke la lahleha: ditlwaelano tse mpe di bodisa mekgwa e metle.


mme le se ke la ba le kabelo mesebetsing e nyopang ya lefifi, le mpe le e nyatse:


Tshaba Jehova, Modimo wa hao, o mo sebeletse, o mo kgomarele, mme o ane ka lebitso la hae.


Tshaba Jehova, Modimo wa hao, o mo sebeletse, o ane ka lebitso la hae.


Le se ke la latela medimo esele, medimo ya ditjhaba tse ahileng kamathoko ho lona;


Ha le ka kweneha, la kgomarela ditjhaba tsena tse setseng, tse siilweng hara lona, la nyallana le tsona, la kena ho tsona, mme tsa tla ho lona,


Le mpe le kgomarele Jehova, Modimo wa lona, jwalokaha le entse ho fihlela kajeno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos