Jeremia 13:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)27 Bofebe ba hao le ditakatso tsa hao tse dumang, bootswa bo tlodisang ba hao ke bo bone dithabeng le dithoteng; ke bone manyala a hao! Jo! wena Jerusalema, ha o ka ke wa ntlafala ho isa ho le hokae! Ver CapítuloBIBELE27 Bofebe ba hao ke bo bone hantle, le ho lla ha hao ho kang ha pere e palesitse! Ke bone diketso tsa bootswa ba hao, le manyala a hao hodima maralla le masimong. O madimabe hakaakang, wena Jerusalema! O tla ba sesila ho fihlela neng?” Ver Capítulo |
Ka fela ka ba isa naheng eo ke neng ke emisitse letsoho la ka, ka re, ke tla ba fa yona, mme teng ba bona maralla wohle a phahameng le difate tsohle tse mahlaku; teng, ba hlaba mahlabelo, ba hlahisa dinyehelo tsa bona tse mphephetsang, ba re, ba bea dibano tse monko o monate, ba ba ba tshela ditshelo tsa bona.
Mme le tla tseba hoba ke nna Jehova, mohla ba bolailweng ba bona ba tla rapalla hara ditshwantsho tsa bona ka nqa tsohle ho dialetare tsa bona, le maralleng wohle, le diqhoweng tsohle tsa dithaba, le katlasa difate tsohle tse mahlaku, le tlasa dieike tsohle tse mahlaku, dinqalong tsohle tseo ba tjheseditseng ditshwantsho tsa bona dibano tse monko o monate.