Jeremia 13:27 - BIBELE27 Bofebe ba hao ke bo bone hantle, le ho lla ha hao ho kang ha pere e palesitse! Ke bone diketso tsa bootswa ba hao, le manyala a hao hodima maralla le masimong. O madimabe hakaakang, wena Jerusalema! O tla ba sesila ho fihlela neng?” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)27 Bofebe ba hao le ditakatso tsa hao tse dumang, bootswa bo tlodisang ba hao ke bo bone dithabeng le dithoteng; ke bone manyala a hao! Jo! wena Jerusalema, ha o ka ke wa ntlafala ho isa ho le hokae! Ver Capítulo |
Hoba ke ba fihlise naheng eo ke ikanneng hore ke tla ba nea yona, ba ile ba etsetsa mahlabelo a bona dibakeng tsohle tsa borapedi, le tlasa difate tsohle tse talana. Ba ile ba mphephetsa ka dinyehelo tsa bona hore ke ba halefele. Ba tjhesa mokubetso wa bona o monko o monate, ba etsa dinyehelo tsa bona tsa dino.
Ke hona le tla tseba hore ke nna Morena, ha ditopo tsa babolauwa ba bona di rapaletse hara medingwana ya bona ya bohata, ho potapota dialetare tsa bona tse hodima maralla wohle a phahameng, le hodima ditlhoro tsa dithaba tsohle, le katlasa difate tsohle tse talana, le katlasa difate tsohle tse teng tsa eike, e leng dibaka tseo ho tsona ba neng ba tjhesetsa mokubetso o nkgang hamonate, ba o tjhesetsa medingwana ya bona ya bohata.