Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 13:26 - BIBELE

26 “Kahoo ke apotse mese ya hao, ka e apolela hodimo, ke o kwahetse ka yona mahlong, bofeela ba hao bo lepalapaleng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Mme nna ke tla o honeletsa mose ho fihlela sefahlehong sa hao, ho tle ho bonwe ponopono ya hao.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 13:26
9 Referencias Cruzadas  

Bofeela ba hao bo tla pepeseha, dihlong tsa hao di se ke tsa pateha. Ke tla iphetetsa, ha ke na ho qenehela motho.”


Ha o ka ipotsa ka pelong ya hao, wa re: “Ke ka baka lang ha tsee di ntlhahetse?” Ka baka la dibe tsa hao tse ngatangata, mese ya hao e ila apolelwa hodimo, mmele wa hao wa sala o le feela.


Ke tla hlobodisa Esau a be feela, baka tseo a ipatang ho tsona ke di pepese, hoo a ke keng a hlola a tseba ho ipata. Bana ba hae, bang ka yena, ba ahisaneng le yena, bana bohle ba tla timela, yena a ke ke a hlola a eba teng.


Jerusalema e sitilwe haholo, ka baka leo, e silafetse, bohle ba neng ba e hlompha, ba a e nyedisa, ba e nyedisa hobane ba e bonetse. E, Jerusalema e qetwa ke mefehelo, e a reteleha, e ipata sefahleho.


ka baka leo, ke tla phutha baratuwa ba hao bohle, bao o neng o ithabisa le bona; bohle bao o neng o ba rata, le bohle bao o neng o ba hloile. Ke tla ba bokella, ba o etsetse sakana-la-nkope, ke ba pepesetse bofeela ba hao, hore ba o bonele.


Ba tla o phedisa ka lehloyo, ba o amohe tsohle tseo o itshebeleditseng tsona, ba o siye o tsotse, o le feela, mme dihlong tsa bootswa ba hao di bonahale. Bokgopo le bootswa ba hao


Jwale bofeela ba hae ke tla bo pepesa, ke bo pepese mahlong a medingwana ya hae; ha ho ya tla mo namolela matsohong a ka.


Ke tla senya fate tsa morara, ke senye le tsa feiye, tseo a reng ke moputso wa hae, moputso o tswang ho medingwana ya hae, medingwana eo a e ratang haholo. Fate tseo ke tla di etsa mofero, batana tsa naha di itjelle tsona.


“Wena Ninife, ke a o lwantsha,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke tla o hlobodisa, ke o tsodise. Ke tla pepesetsa ditjhaba bofeela ba hao, mebuso e bone tse dihlong tsa hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos