Jeremia 16:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)11 O tla re ho bona: Ke hobane bontata lona ba ntlhobohile, ho bolela Jehova, ba nnile ba tsamaela medimo esele, ba e sebeleditse, ba e kgumametse; haele nna, ba ntlhobohile, ha ba ka ba boloka melao ya ka. Ver CapítuloBIBELE11 Jwale wena o tle o re ho sona: ‘Ke hobane bo-ntata lona ba ile ba mphuralla,’ ho rialo Morena, ‘ba latela medimo esele, ba e sebeletsa, ba e kgumamela. Nna ba ile ba mphuralla, ba se ke ba boloka melao ya ka. Ver Capítulo |
a tla hasanngwa pontsheng ya letsatsi, le ya kgwedi, le ya makgotla kaofela a lehodimo, e leng tseo ba nnileng ba di rata, le tseo ba nnileng ba di sebeletsa, le tseo ba nnileng ba tsamaya ho tsona, le tseo ba nnileng ba di botsa, le tseo ba nnileng ba di kgumamela; ha a tla ke a bokellwa leha e le ho epelwa; e tla ba moitedi naheng ena.