Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 2:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 A lona ba mofuta! mamelang lentswe la Jehova: Na nkile ka ba naha e tshehla ho Iseraele, kapa naha ya lefifi le letsho na? Setjhaba sa ka se bolela jwang, ha se re: Re tla nne re mathela mane le mane; ha re sa tla kgutlela ho wena?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

31 “Lona ba moloko ona, mamelang lentswe la Morena: Na ke bile lehwatata ho Baiseraele, ka ka naha e lefifi ho bona? Ke ka baka lang ha tjhaba sa ka se re: ‘Rona re tla iketsetsa borata, ha re ka ke ra kgutlela ho wena?’

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 2:31
26 Referencias Cruzadas  

Faro a re ho yena: O hlokang mona ha ka, ha o batla ho boela naheng ya heno na? A re: Ha ke hloke letho; feela, ntlohele, o mphe tsela.


Asaria, moprista e moholo, wa lesika la Tsadoke, a mmolella, a re: Haesale kabelo e ntshwang e qala ho tliswa ka tlung ya Jehova, re jele, re bile re kgotshe, mme re bile re siile ho hongata; hobane Jehova o hlohonolofaditse setjhaba sa hae; mme se setseng ke setha seo se seholo.


Leha ho le jwalo, ba re ho Modimo: Tloha ho rona! ha re rate ho tseba ditsela tsa hao;


Molotsana, boikgantshong ba hae, o re: A ke ke a botsisisa; ha ho Modimo! Ke yona kgopolo ya hae kaofela ha yona.


e leng bona ba reng: Re tla qhala ka maleme a rona; melomo ke ya rona; ya ka re busang ke mang?


esere mohlomong ha ke kgotshe, ka o latola, ka re: Jehova ke mang na? mohlomong ha ke fumanehile, ka utswa, mme ke tlaela ka lebitso la Modimo wa ka.


Ha ke a ka ka bolela sephiring, leha e le nqalong e lefifi ya lefatshe, ha ke a ka ka re ho moloko wa Jakobo: Le mpatle feela. Nna, Jehova, ke bolela nnete, ke tsebisa se lokileng.


Hobane e se e le kgale o robile joko ya hao, o lokolotse ditlamo tsa hao, wa re: Ha ke sa tla sebeletsa. Ke moo o ineetseng bootswa marallaneng wohle a phahameng le katlasa difate tsohle tse mahlaku.


Bona leoto la hao hore le se ke la tsamaya feela, le mmetso wa hao hore o se ke wa oma. O mpa o re: Le hanyenyane! ke mpa ke ratile medimo ya baditjhaba, ke tla nne ke e latele.


Ke tla ya ho ba baholo, ke bue le bona, hobane bona ba tseba tsela ya Jehova le molao wa Modimo wa bona. Empa le bona kaofela ba robile joko, ba lokolotse ditlamo.


Ka baka leo, tau ya moru e tla ba bolaya, phiri ya lefeella e ba qete, lengau le nanarele metse ya bona, e mong le e mong ya tswang ho yona a harolwe, hobane ditlolo tsa bona di ngata, mme ho atile bokwenehi ba bona.


ke tle ke tshware ba ntlo ya Iseraele ka dipelo tsa bona, hobane ba ntahlile bohle ho latela ditshwantsho tsa bona.


Ha ba ntse ba fula, ba ile ba kgora; mme ha ba kgotse, pelo tsa bona tsa ikgohomosa; ba ntebetse ke hona.


Ke wona mantswe a Amose, e mong wa badisa ba Tekowa, e leng ditaba tseo a di boneng bakeng sa Iseraele, mehleng ya Osiase, morena wa Juda, le mehleng ya Jeroboame, mora Joase, morena wa Iseraele, ha ho sa tla feta dilemo tse pedi, ho ntoo ba tshisinyeho ya lefatshe.


Lentswe la Jehova le howeletsa motse. Ya bohlale o tla hlokomela lebitso la hao, ha o re: Elang thupa hloko le ya e laelang.


Le se le kgotshe, le se le enne, le se le busitse kantle ho rona; hoja le ka fela la busa, le rona re tle re buse hammoho le lona!


Hobane ke ya isa setjhaba sena lefatsheng le kollang lebese le dinotshi, leo ke anetseng bontata bona hore ke tla ba nea lona; etlare ha ba jele ba kgotse, ba nonne, ba tla kgelohela ho medimo esele, ba e sebeletse; ba tla nkgesa, ba tla tlola selekane sa ka.


Empa Jeshurune a nona, mme a raha. Wa nona, wa iketsa ya nyenya, le ya kgurumeditsweng ke mafura. O lahlile Modimo o mo entseng, o nyedisitse Lefika la poloko ya hae.


O lahlile Lefika le o entseng, o lebetse Modimo o o tswetseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos