Jeremia 2:31 - BIBELE31 “Lona ba moloko ona, mamelang lentswe la Morena: Na ke bile lehwatata ho Baiseraele, ka ka naha e lefifi ho bona? Ke ka baka lang ha tjhaba sa ka se re: ‘Rona re tla iketsetsa borata, ha re ka ke ra kgutlela ho wena?’ Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)31 A lona ba mofuta! mamelang lentswe la Jehova: Na nkile ka ba naha e tshehla ho Iseraele, kapa naha ya lefifi le letsho na? Setjhaba sa ka se bolela jwang, ha se re: Re tla nne re mathela mane le mane; ha re sa tla kgutlela ho wena? Ver Capítulo |
Yaba Asariya, Moprista e Moholo, wa lelapa la Sadoke, o a mo araba, o re: “Haesale ho tloha mohla setjhaba se tlisang dinyehelo ka Tempeleng ya Morena, re ile ra ja, ra ba ra di sheba feela, mme re sa saletswe ke tse ngata, hobane Morena o hlohonolofaditse setjhaba sa hae, mme dijo tse setseng ke qubuhadi ena.”
Tsena ke dipolelo tsa Amose, e mong wa badisa ba dinku ba Tekowa. Ke dipolelo tseo a ileng a di senolelwa mabapa le Iseraele. E ne e le mehleng ya puso ya Usiya, kgosi ya Juda, le mehleng ya puso ya Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, e le ha ho setse dilemo tse pedi tshisinyeho ya lefatshe e eba teng.