Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 23:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Hobane lefatshe le tletse bafebi; lefatshe le lla ke dithohako, makgulo a nahathothe a tjhele. Metsamao ya bona e mebe, matla a bona ke a sa lokang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Naha ena yohle e se e tletse difebe, ka baka la thohako naha e apere bofifi, makgulo a dithota a omeletse. Tsela tsa difebe tsena ke tse kgopo, matla a tsona ha a sebediswe ka toka.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 23:10
27 Referencias Cruzadas  

Ha fumanwa bara ba bang ba baprista ba nyetseng basadi basele. Ho bara ba Joshua, mora Jotsadake, le ho banababo, ke Maaseia, Eliesere, Jaribe, le Gedalia.


Lehwatata le behang a le fetola mobu wa letswai, ka baka la bolotsana ba baahi ba lona.


Ka baka leo, thohako e ja naha, ba ahileng teng ba otlwa ke hona; ke ka baka leo batho ba naha eo ba tjheswang, mme ba phonyohang ha ba bakae.


Ho madimabe ba ikgulelang bokgopo ka mehala ya leshano, le dibe ka teu e kang ya koloi!


Ba e sentse; e lla pela ka ka baka la tshenyo; lefatshe lohle le senyehile, ke hobane ho se motho ya le elellwang pelong ya hae.


Juda o a lla, diphutheho tse dulang dikgorong tsa metse ya hae di fokotse, di ituletse, lefatshe le swabile, mme mohoo wa Jerusalema o a nyoloha.


Hobane ba hlile ba ineela takatso ya ho rua kaofela, e monyenyane le e moholo; moporofeta le moprista e mong le e mong ba etsa bohata.


Le reng? Le re, ho utswa, ho bolaya, ho feba, ho ana ka leshano, ho tjhesetsa Baale dibano, le ho tsamaela medimo esele eo le sa e tsebeng, le ka etsa tseo;


Ke tla phahamisa dillo le pokollo dithabeng, le makgulong a lefeella ke bine kodiyamalla, hobane a tjhesitswe, ha ho sa le motho ya fetang teng, ha ho sa utluwa dillo tsa mehlape; dinonyana tsa lehodimo le diphoofolo di balehile, di ile.


Motho ya hlalefileng ke mang? A ke a lemohe taba tsena; eo molomo wa Jehova o buang le yena a ke a re tsebise hore na ke ka baka lang ha ho sentswe lefatshe, leha le tjhesitswe jwaloka lefeella, ho se ya fetang teng na?


Oho! hojane ebe ke ena le motlotlwane wa phapohelo feelleng, nka be ke hloboha setjhaba sa ka, ke tle ke ye hole le sona, hobane ke bafebi kaofela, ke lekgotla la ba bolotsana.


Ke bafebi kaofela; ba jwaloka sebopi se besitsweng ke moapehi. O lesa ho tsosa mollo, ha a qala ho duba, hlama e be e kokomohe.


Naha e senyehile, lefatshe le swabile, hobane koro e sentswe, merara e omeletse, difate tsa ole di ponne.


Ekare ha motho, e leng paki e hlapatshitsweng ka molao, a entse sebe ka ho se bolele seo a se boneng ka mahlo, leha e le seo a se tsebang, o tla jara molato wa hae.


baprista ba wona ba tlotlolla nqalo e halalelang, ba kgopamisa molao.


Ke tla atamela ho lona ho etsa kahlolo, ke be paki e akofang hodima baloi, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang moputso wa ya sebetsang, le ba jang mosadi wa mohlolohadi le kgutsana, le ba hlorisang moditjhaba, ba sa ntshabe, ho bolela Jehova wa makgotla.


le bafebi, le basotoma, le ba utswang batho, le mahata, le ba kwenehelang dikano tsa bona, leha e le hofe le hofe ho furallanang le thuto ya pholoho,


Lenyalo a le ke le hlomphehe hara batho bohle, le diphate di hloke ditshila; hobane Modimo o tla ahlola baboki le bafebi.


Banna le basadi ba bafebi, hleka ha le tsebe hoba ho rata lefatshe ke ho lwantsha Modimo na? Efela ya phehellang ho iketsa motswalle wa lefatshe o ipea sera ho Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos