Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 16:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Na motho a ka iketsetsa medimo, kanthe hase medimo?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Na motho a ka tseba ho iketsetsa modimo? E, empa eo yona hase medimo!”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 16:20
12 Referencias Cruzadas  

a lahletse medimo ya tsona mollong; hobane e be e se medimo, empa e le mosebetsi wa matsoho a batho, difate le majwe; a e fedisitse ke hona.


E kae medimo ya Hamathe le ya Arpade? E kae medimo ya Sefarvaime? Na le wona Samaria o namoletswe matsohong a ka na?


a akgetse medimo ya tsona mollong, hobane e ne e se medimo, empa e le mosebetsi wa matsoho a batho, difate le majwe; a e fedisitse ke hona.


A setjhaba se ka ba teng se hlobohang medimo ya sona? athe yona hase medimo! Empa setjhaba sa ka se hlile se hlobohile kganya ya sona ho rua lefeela.


Nka o tshwarela jwang? Bana ba hao ba ntlhobohile, ba ana ka medimo e leng siyo; ke ba antshitse, empa ba ntse ba feba, ba bokana ka bongata tlung ya seotswa.


Morena Nebukadnesare o ne a etse setshwantsho sa kgauta, boemo ba sona e le ditswe tse mashome a tsheletseng, botenya ba sona e le ditswe tse tseletseng; a se emisa lehwatateng la Dura, naheng ya Babilona.


Le a bona, le a utlwa, hoba Pauluse eo o se a kgodisitse batho ba bangata, e seng Efese feela, e batla ho ba Asia kaofela; o bile o ba kgelositse ka ho re, medimo e etswang ka matsoho hase medimo.


Athe motho, leha e ka ba rona, kapa lengeloi le tswang lehodimong, ha a ka le bolella Evangeli esele ho eo re seng re le boleletse yona, a neelwe anathema.


Efela pele, ha le ne le eso ho tsebe Modimo, le ne le sebeletsa medimo e neng e se yona ka sebele;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos