Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 16:20 - BIBELE

20 Na motho a ka tseba ho iketsetsa modimo? E, empa eo yona hase medimo!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Na motho a ka iketsetsa medimo, kanthe hase medimo?

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 16:20
12 Referencias Cruzadas  

di tjhesitse medimo ya ditjhaba tseo, hobane e ne e se medimo; e ne e le medimo eo batho ba iketseditseng yona ka lehong le ka majwe, mme ke kahoo e timeditsweng.


E kae medimo ya Hamate le ya Arepade? E kae medimo ya Sefarafaime? Na e namoletse Samaria matsohong a ka?


di tjhesitse medimo ya ditjhaba tseo, hobane e ne e se medimo; e ne e le medimo eo batho ba iketseditseng yona ka lehong le ka majwe, ke kahoo e timeditsweng.


Na tjhaba se teng se kileng sa fetola medimo ya sona, le hoja medimo eo e ne le ya bohata? Empa tjhaba sa ka se anantse nna, nna Tlotla ya sona, sa nkananya ka medimo e se na thuso.


“Nka o tshwarela tsee ka baka lang? Bana ba hao ba mphuraletse, ba hlapanya ka medimo eo e seng medimo. Hoba ke ba fepe, ba je sa mpanaphatloha, ba ile ba ikabela ho etsa bofebe, ba hlolokana matlung a diotswa.


Kgosi Nebukadenesare a etsa setshwantsho sa kgauta: Bophahamo ba sona e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e supileng, botenya ba sona e le dimethara tse tharo; a se emisa phuleng ya Dura, naheng ya Babilona.


Le a bona, mme le a utlwa hore Paulosi enwa o re medimo e entsweng ke batho hase medimo, mme o kgelositse letshwelehadi, e seng mona Efese feela, empa e batla e le Asia yohle.


Empa ha e mong, leha e ka ba rona kapa lengeloi le tswang lehodimong, a ka le bolella molaetsa o fapaneng le oo re le boleletseng wona, a ke a rohakehe.


Nakong e fetileng, ka ho se tsebe Modimo, le ile la ba makgoba a tseo ka boleng ba tsona e seng medimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios