Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 16:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ka baka leo, bonang, jwale ke ba tsebisa letsoho la ka le matla a ka, ruri ke tla nne ke ba tsebise wona, mme ba tla tseba hobane lebitso la ka ke Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 “Ke ka baka lena ke tla ba ruta, ke ba rute hape la ho qetela, ke ba rute matla a ka le bonatla ba ka, mme ba tla tseba hore nna ke bitswa Morena.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 16:21
13 Referencias Cruzadas  

Ba tle ba tsebe hore wena, eo lebitso la hao e leng Jehova, o rena o nnotshi lefatsheng lohle.


Jehova o iponahaditse, o lokisitse; o tshwasa ya kgopo ketsong ya diatla tsa hae. (Higgaione. Sela.)


Ke tla thatafatsa pelo ya Faro, a tle a ba phallele, mme ke tla itlotlisa ka Faro le ka sera sa hae kaofela, Baegepeta ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova. Yaba ba etsa jwalo.


Jehova ke mohale, Jehova ke lebitso la hae.


Ka na ka iponahatsa ho Abrahama, le ho Isaaka, le ho Jakobo, ke le Modimo o matla wohle, empa ke ne ke sa tsejwe ke bona ka lebitso la ka la Jehova.


Hobane ke nna Jehova, Modimo wa hao, Mohalaledi wa Iseraele, Molopolli wa hao; ke ntshitse Egepeta, hore e be topollo ya hao, ke ntshitse le Ethiopia le Seba bakeng sa hao.


Ho itswe ke Jehova, ya tla etsa tseo, Jehova ya di lokisang, hore a tle a di sebetse, eo Jehova e leng lebitso la hae:


Ho lona, Esekiele e tla ba pontsho ya tse tla tla; mohla tseo di hlahang, le tla etsa kahohle kamoo a entseng kateng; le tle le tsebe hoba ke nna Morena Jehova.


Tsatsing leo, molomo wa hao o tla bua ha ho fihla ya phonyohileng; o tla bua, ha o sa tla ba semumu, mme ho bona o tla ba pontsho ya tse tla tla, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


Ke tla iphetetsa ho Edomo ka setjhaba sa ka sa Iseraele; ba tla etsetsa Edomo ka bohale ba ka le ka kgalefo ya ka, mme ba tla tseba phetetso ya ka: ho rialo Morena Jehova.


Ba bolawang ba tla wa hara lona, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.


athe ke yena ya entseng Selemela le Makolobe; ya fetolang lefifi lesedi la hosasa, le motshehare o o fetola lefifi; o bitsa metsi a lewatle, mme o a tshollela hodima lefatshe; Jehova ke lebitso la hae;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos