Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 16:21 - BIBELE

21 “Ke ka baka lena ke tla ba ruta, ke ba rute hape la ho qetela, ke ba rute matla a ka le bonatla ba ka, mme ba tla tseba hore nna ke bitswa Morena.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ka baka leo, bonang, jwale ke ba tsebisa letsoho la ka le matla a ka, ruri ke tla nne ke ba tsebise wona, mme ba tla tseba hobane lebitso la ka ke Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 16:21
13 Referencias Cruzadas  

Ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba tshohele ruri, ba tlontlolohe, mme ba timele.


Ditjhaba di wetse lemeneng leo di le tjhekileng, maoto a tsona a tshwasitswe ke leraba leo di le tjhehileng.


Ke tla thatafatsa pelo ya Faro, mme o tla le phaladisa. Ke tla itlotlisa ka Faro le ka lebotho la hae kaofela. Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Morena.” Yaba Baiseraele ba etsa jwalo.


Morena ke mohlabani, lebitso la hae ke Morena.


Ke ile ka iponahatsa ho Aborahama, le ho Isaka, le ho Jakobo, ke le Modimo ya matla wohle, empa ha ke a ka ka itsebisa bona ka lebitso la ka, ke le Morena.


Ke nna Morena Modimo wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele, Mopholosi wa hao; ke fana ka Egepeta hore ke o lopolle, ke fana ka Kushe le Seba bakeng sa hao.


“Morena ya entseng lefatshe, ya le bopileng a ba a le tsitsisa, eo lebitso la hae e leng Morena, o bua tjena:


Esekiele e tla ba sesupo ho lona; le tla etsa jwalokaha a entse. Etlare ha tsena di phethahala le tsebe hore ke nna Morena Modimo.’


leleme la hao le rarolohe, o tsebe ho bua le ya phonyohileng, o se hlole o eba semumu. O tla ba sesupo ho bona, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.”


Ke tla iphetetsa hodima Edomo ka letsoho la setjhaba sa ka sa Iseraele. Se tla otla Baedomo ho ya ka bohale ba ka le kgalefo ya ka, mme bao ba tla tseba boiphetetso ba ka, ho rialo Morena.’ ”


Ditopo tsa babolauwa di tla rapalla hara lona, mme le tla tseba hore ke nna Morena.


Ya entseng Selemela le Makolobe, a fetola lefifi a le etsa meso, a fifatsa motsheare a o etsa bosiu, a bitsa metsi a lewatle a a nesa hodima lefatshe, lebitso la hae ke Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos