Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 17:1 - BIBELE

1 “Sebe sa Bajuda se ngotswe ka pene ya tshepe, sa ngolwa pelong tsa bona, sa ngolwa ka daemane e le ntjhotjho, sa ngolwa le manakeng a dialetare tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Sebe sa Juda se ngodilwe ka moseto wa tshepe, ka daemane e ntjhotjho; se ngodilwe leqepheng la dipelo tsa bona le dinakeng tsa dialetare tsa bona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 17:1
15 Referencias Cruzadas  

Eba le lerato, o be le botshepehi, molaleng wa hao o itlame ka tsona; o di ngole tlapeng la pelo ya hao.


Di tlamelle menwaneng ya hao, o di ngole tlapeng la pelo ya hao.


Bona! ke ngotse bitso la hao kahara diatla tsa ka, marako a hao ke ntse ke a bona kamehla.


Palo ya medimo ya lona, lona baahi ba Juda, e kaalo ka palo ya metse ya lona; le palo ya dialetare tseo le di hahetseng ntho e hlabisang dihlong ena, e kaalo ka palo ya diterata tsa Jerusalema, e leng dialetare tseo ho tsona le tjhesetsang Baale mokubetso.


Leha o ka ba itlhatswa ka sota, wa itlhatswa ka sesepa se le sengata, ke tla nne ke bone letheba la molato wa hao,” ho rialo Morena Modimo.


“Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ya Iseraele, hoba matsatsi ao a fete, ke sena,” ho rialo Morena. “Ke tla kenya molao wa ka maikutlong a bona, ke o ngole kahara dipelo tsa bona; ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Hlatswa bokgopo pelong ya hao, o bo hlatswe, o pholohe Jerusalema; pelo ya hao e tla kwetla mehopolo, e kwetle mehopolo e kgopo ho fihlela neng?


Na bokgopo bo teng Gileade? Batho ba teng ke mafeelafeelane! Ba etsa mahlabelo ka dipohwana, ba a etse Gilegale, dialetare tsa bona di tla heletswa, di ke mekolokotwane hara masimo.


Kelellong tsa bona ha ba hlokomele hore ke hopola bokgopo ba bona. Kahohle dibe tsa bona di ba dikile, mme di pontsheng ya ka kamehla.”


“Le hoja Efraime a hahile dialetare tse ngata, a tle a etsetse tefelo ya sebe ho tsona, aletare tsena di fetohile sentele sa dibe.


Moprista o tla ina monwana wa hae mading a phoofolo ena, a tlotse manaka a dihukung tsa aletare ya setjheso, mme madi a setseng a a qhalle motheong wa aletare.


Sa thathafatsa dipelo tsa sona jwaloka lejwe la moralla, e le hore se se ke sa utlwa molao le dipolelo tseo Morena wa mabotho a neng a se boleletse tsona ka Moya wa hae, ka baporofeta ba mehleng ya boholoholo. Kahoo Morena wa mabotho o ile a halefa haholo.


Ho pepenene hore lona le lengolo la Kreste, le beilweng matsohong a rona, le ngotsweng ka Moya wa Modimo ya phelang, e seng ka enke; le ngotsweng matlapeng a dipelo tsa nama, e seng matlapeng a lejwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos