Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 2:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 A setjhaba se ka ba teng se hlobohang medimo ya sona? athe yona hase medimo! Empa setjhaba sa ka se hlile se hlobohile kganya ya sona ho rua lefeela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Na tjhaba se teng se kileng sa fetola medimo ya sona, le hoja medimo eo e ne le ya bohata? Empa tjhaba sa ka se anantse nna, nna Tlotla ya sona, sa nkananya ka medimo e se na thuso.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 2:11
23 Referencias Cruzadas  

Hobane ba ntahlile, ba ile ho sebeletsa Ashtarothe, modimo wa Basidone, le Kemoshe, modimo wa Bamoabe, le Milkome, modimo wa bana ba Ammone; ha ba ka ba tsamaya tseleng tsa ka, le ho etsa tse lokileng mahlong a ka, le ho ya ka ditaelo tsa ka le ka melao ya ka, jwaloka ntatae Davida.


Empa lengeloi la Jehova la re ho Elia wa Thishba: Tloha, o ye ho kgahlanyetsa manqosa a morena wa Samaria, o re ho wona: Na ke ho re: ha ho Modimo Iseraeleng, haele moo le ya botsa Baale-Sebube, modimo wa Ekrone na?


Ana ha le a ka la leleka baprista ba Jehova, e leng bara ba Aarone le Balevi, mme le iketseditse baprista ka mokgwa wa ditjhaba tsa mafatshe a mang na? Mang le mang ya itlisitseng, a ena le pohwana le dipheleu tse supileng, a tle a kgethelwe boprista, o entswe moprista wa seo e seng Modimo.


kganya ya bona ba e fetola setshwantsho sa kgomo e fulang jwang.


Ditshwantsho tsa bona ke silefera le kgauta, mosebetsi wa matsoho a batho.


Empa wena, Jehova, o thebe e ntshireletsang, o kganya ya ka, hlooho ya ka e eme ka wena.


a akgetse medimo ya tsona mollong, hobane e ne e se medimo, empa e le mosebetsi wa matsoho a batho, difate le majwe; a e fedisitse ke hona.


Na motho a ka iketsetsa medimo, kanthe hase medimo?


Ha ho le jwalo, Jehova o re: Botsisisang ditjhaba jwale, hore na e mong o teng ya utlwileng tse kale ka tseo? Morwetsana wa Iseraele o entse ketso e tshabehang haholo.


Ho itswe ke Jehova: Bontata lona ba kile ba fumana bokgopo bofe ho nna, ha ba kile ba ya hole le nna, ba tsamaela bosawana, mme ba fetohile bosawana?


Baprista ha ba ka ba re: O kae Jehova? Le ba tshwereng molao ha ba ka ba ntseba; le badisa ba kile ba nkwenehela le baporofeta ba nnile ba porofeta ka Baale, ba tsamaela ba sa thuseng letho.


Nka o tshwarela jwang? Bana ba hao ba ntlhobohile, ba ana ka medimo e leng siyo; ke ba antshitse, empa ba ntse ba feba, ba bokana ka bongata tlung ya seotswa.


ke tle ke tshware ba ntlo ya Iseraele ka dipelo tsa bona, hobane ba ntahlile bohle ho latela ditshwantsho tsa bona.


Ke kahoo Morena Jehova a reng: Erekaha le sentse ho feta ditjhaba tsa bahedene tse le teetseng hare, le sa ka la tsamaya ka dikomelo tsa ka, le ho etsa ka ditaelo tsa ka, le ho etsa le ka ditaelo tsa ditjhaba tse le teetseng hare,


Hobane ditjhaba kaofela di tsamaya se seng le se seng ka lebitso la modimo wa sona, empa rona, re tla tsamaya ka lebitso la Jehova, Modimo wa rona, kamehla le mehla.


Mme kganya ya Modimo o sa boleng ba e fetotse ditshwantsho tse lekanyang motho ya bolang, le dinonyana le diphoofolo tse maoto a mane, le dihahabi.


Jwale, ha e le ka ho ja dijo tse halbetsweng ditshwantsho, re a tseba hore setshwantsho hase letho lefatsheng, le hore ha ho Modimo o mong, haese o le mong feela.


Efela pele, ha le ne le eso ho tsebe Modimo, le ne le sebeletsa medimo e neng e se yona ka sebele;


Ba o bouledisitse ka medimo esele, ba o halefisitse ka manyala.


Ba mpouledisitse ka seo e seng Modimo, ba nkgalefisitse ka masawana a bona; le nna ke tla ba bouledisa ka setjhaba seo e seng setjhaba, ke ba halefise ka setjhaba se se nang kelello.


O lehlohonolo hakakang, Iseraele! Setjhaba ke sefe se tshwanang le wena, setjhaba se pholositsweng ke Jehova, e leng thebe ya thuso ya hao, le lerumo la boholo ba hao? Dira tsa hao di tla ikokobetsa pela hao, mme o tla hatakela nqalo tsa bona tse phahameng.


le ntse le tseba hobane, hase ka tse bolang, hase ka silefera la ka kgauta le lopolotsweng mokgweng wa lona wa lefeela, oo le neng le o rutilwe ke bontata lona;


Ebile moo a reang ngwana lebitso la Ikabode (ya se nang letlotlo), ka ho re: Letlotlo le tlohile Iseraeleng; e le kahobane areka ya Modimo e hapilwe, le ka hobane matsalae le monna wa hae ba shwele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos