La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 13:21 - BIBELE

Banna bao ba nyoloha, ba hlwela naha ho tloha lehwatateng la Sine ho ya fihla Rehobe, le ho ya fihla Kgorong ya Hamate.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Yaba ba ya, mme ba hlwela naha ho tloha lefeelleng la Tsine ho isa Rehobe, tseleng ya Hamathe.

Ver Capítulo



Numere 13:21
15 Referencias Cruzadas  

Ha Toi, kgosi ya Hamate, a utlwa hore kgosi Davida o hlotse lebotho lohle la Hadade-Esere,


Malebana le Damaseka Morena o re: “Baahi ba Hamate le ba Arepade ba tsielehile, hobane ba utlwile taba tse bohloko. Pelo tsa bona di nyahame haholo, di tshwenyehile sa lewatle le tsudubutlana.


Yaba Bakalatiya ba tshwara kgosi Sedekiya, ba mo isa ho kgosi ya Babilona, yona e le Ribela, naheng ya Hamate, moo ba ileng ba mo ahlolela hona teng.


o tlohe Berota le Siberaime, pakeng tsa Damaseka le Hamate, o yo fihla Hasere-Hatekone, e moeding wa Haurane.


Eyang motseng wa Kalene le yo bona; le tlohe moo, le fetele Hamate e kgolo, le nto theohela motseng wa Bafilesita wa Gate! Na mebuso eo le e feta ka letho? Na naha ya yona e kgolo ho feta ya lona?


Ka kgwedi ya pele setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa fihla lehwatateng la Sine, mme setjhaba sa emisa Kadeshe. Meriama a shwella hona moo, a ba a apelwa hona teng.


hobane ha setjhaba se ne se belaela ka nna, bobedi ba lona le ile la mphetohela ha le le lehwatateng la Sine, la hana ho bonahatsa ho halalela ha ka ka metsi, moo setjhaba se ntseng se bona.” Metsi ana ke metsi a Meriba e Kadeshe, lehwatateng la Sine.


Ha ba tloha Esione-Gebere, ba ya hloma lehwatateng la Sine, ke ho re Kadeshe.


ho tloha Thabeng ya Hore le tla o seha ho ya fihla lekgalong la Hamate, mme o yo fella Sedade.


Ba ile ba tsamaya, ba nyolohela naheng e maralla, ba fihla kgohlong ya Eshekole, mme ba e hlwela.


Le ne le ntshitelwe le le hara bana ba Iseraele, ha le le metsing a Meriba e Kadeshe, lehwatateng la Sine. Le ne le se ke la nkgalaletsa hara setjhaba sa Iseraele.


Le naha ya Bagebale le Lebanone yohle, ho ya fihla botjhabela, ho tloha Baale-Gade e mosikong wa thaba ya Heremone, ho ya fihla lekgalong la Hamate.


Naha eo bana ba morabe wa Juda, ho ya ka malapa abo bona, ba ileng ba e abelwa ka lotho, e ne e fihla moeding wa Edomo, le ho ya fihla ka borwa ho lehwatata la Sine, qetheng ya karolo e ka borwa.


Ba hloka ya ka ba namolelang, hobane ba ne ba le hole le Sidone, ebile ba sa amane le motho ofe kapa ofe. E ne e le ka kgohlong e haufi le Bete-Rehobe. Bana ba Dane ba haha motse, mme ba phela moo.