Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 49:23 - BIBELE

23 Malebana le Damaseka Morena o re: “Baahi ba Hamate le ba Arepade ba tsielehile, hobane ba utlwile taba tse bohloko. Pelo tsa bona di nyahame haholo, di tshwenyehile sa lewatle le tsudubutlana.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Bakeng sa Damaseka: Hamathe o hlabisitswe dihlong le Arpade; kahobane ba utlwile taba e mpe, ba fokola; tsietsi e teng lewatleng, mme le sitwa ho kgutsa.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 49:23
35 Referencias Cruzadas  

Aborame a arola mabotho a hae dihlopha, a ena le bahlanka ba hae, ba ba hlasela bosiu, ba ba lelekisa ho ya fihla Hoba e ka leboya ho Damaseka.


Empa Aborame a re: “Oho, Morena Modimo, o tla nneang, ha e le moo ke tla shwa ke se na ngwana, mme mojalefa wa ntlo ya ka e le Eleesere wa Modamaseka?”


Esitana le mohale eo bohale ba hae ekang ba tau, o tla nyahama pelo. Baiseraele bohle ba a tseba hore ntatao ke mohlabani, le hore banna bao a nang le bona ke bahale.


Ha Toi, kgosi ya Hamate, a utlwa hore kgosi Davida o hlotse lebotho lohle la Hadade-Esere,


E ne e ile yare ha Davida a hlola Hadade-Esere, Resone a bokella banna, mme ya eba yena molaodi wa sehlopha sena. Bo-Resone ba ikela Damaseka, ba haha teng, mme Resone ya eba kgosi ya Damaseka.


Jwale kgosi ya Asiria ya tlisa batho ba tswang Babilona, le Kuta, le Afa, le Hamate, le Sefarafaime, ya ba bea metseng ya Samaria, moo e neng e le ha Baiseraele. Samaria ya eba ya bona, mme ba aha metseng ya yona.


E kae medimo ya Hamate le ya Arepade? E kae medimo ya Sefarafaime, le Hena, le Ifa? Na e namoletse Samaria matsohong a ka?


E kae kgosi ya Hamate, le kgosi ya Arepade, le kgosi ya motse wa Sefarafaime, le ya Hena, le ya Ifa?’ ”


Na metsi a dinoka tsa Damaseka, bo-Abana le Parapara, ha a a hlweka ho feta metsi wohle a naha ya Iseraele? Na nke ke ka tola ho tsona, yaba ke a fola?” Naamane a kgutla, a tsamaya a halefile.


Asa a nka silefera le kgauta e neng e bolokilwe ka letloleng la Tempele ya Morena, le ka letloleng la ntlo ya kgosi. Tsena a di romela ho Bene-Hadade, kgosi ya Arame, ya neng a ahile Damaseka, mme a re:


Marena a Edomo a ile a ferekana, mahosana a Moabe a otlanya mangwele, baahi bohle ba Kanana ba nyamela.


Na Kalene ha e tshwane le Karakemishe? Na Hamate ha e tshwane le Arepade? Na Samaria ha e tshwane le Damaseka?


Tsatsing leo Morena o tla otlolla letsoho la hae kgetlo la bobedi, ho lopolla masalla a setjhaba sa hae a Asiria le a Egepeta, a Patarose le a Kushe, a Elame le a Shinare, a Hamate le a ahileng dihlekehlekeng.


Ka baka leo, matsoho wohle a tla tepella, batho bohle ba fellwe ke tshepo.


E kae medimo ya Hamate le ya Arepade? E kae medimo ya Sefarafaime? Na e namoletse Samaria matsohong a ka?


E kae kgosi ya Hamate le kgosi ya Arepade le kgosi ya motse wa Sefarafaime le ya Hena le ya Ifa?”


Ba kgopo ba tshwana le lewatle le tuduana, le tuduana le se na kgotso, maqhubu a lona a akgela seretse le ditshila lebopong.


hobane Damaseka ke motsemoholo wa Arame, hlooho ya Damaseka ke Resine feela. Ho eso fete lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mehlano, morabe wa Efraime o tla bo so senyehile, e se e se setjhaba.


Empa lebotho la Bakalatiya la ba phaladisa, la tshwara Sedekiya phuleng ya Jeriko. La mo tshwara, la mo isa ho Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a le Ribela, naheng ya Hamate, moo a ileng a mo ahlolela hona teng.


“ ‘Ka baka la bongata ba thepa ya hao le ba matlotlo a hao, Damaseka le yona e ne e hweba le wena, mme e ananya thepa ya hao ka veine e tswang Helebone, le boya ba dinku bo tswang Sahare.


Eyang motseng wa Kalene le yo bona; le tlohe moo, le fetele Hamate e kgolo, le nto theohela motseng wa Bafilesita wa Gate! Na mebuso eo le e feta ka letho? Na naha ya yona e kgolo ho feta ya lona?


Ninife e futuhetswe, ya lobelwa, ya timetswa! Pelo di saretswe, mangwele a a tsherema, matla a fedile, fahleho tsohle di pudufetse.


Banna bao ba nyoloha, ba hlwela naha ho tloha lehwatateng la Sine ho ya fihla Rehobe, le ho ya fihla Kgorong ya Hamate.


Ha ho sa bonahale letsatsi kapa dinaledi ka matsatsi a mangata, empa sefefo sona se ntse se befile haholo, jwale tshepo ya hore re tla pholoha ya fela tu!


A kopa mangolo a yang Damaseka, matlung a thapelo, e le hore ha a ka fumana bao e leng ba Tsela ena ya Bokreste, leha e le banna kapa basadi, a ba tlame, a ba tlise Jerusalema.


Ha ke ne ke le Damaseka, mmusisi, leqosa la kgosi Aretase, o ne a beile balebedi motseng ho ntshwara,


Baokamedi ba tla bua le bahlabani hape, ba re: ‘Na ho na le monna ya tshohileng, ya boi? Ha a kgutlele tlung ya hae, esere a nyahamisa bana babo dipelo, jwalokaha ya hae e nyahame.’


Bana beso, ba neng ba ile le nna, ba fihla ba nyahamisa setjhaba dipelo, empa nna ke ile ka latela Morena Modimo wa ka, ka ho tlala.


Ha re utlwa hoo, dipelo tsa rona di ile tsa nyahama, mme banna bohle ba se ke ba hlola ba eba le sebete, ka baka la ho le tshaba, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena Modimo ya hodimo, lehodimong, le ya tlase, lefatsheng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios