Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 6:2 - BIBELE

2 Eyang motseng wa Kalene le yo bona; le tlohe moo, le fetele Hamate e kgolo, le nto theohela motseng wa Bafilesita wa Gate! Na mebuso eo le e feta ka letho? Na naha ya yona e kgolo ho feta ya lona?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Tshelelang Kalne, le bone; ha le tloha teng, le fetele Hamathe e moholo, le ntoo theohela Gathe wa Bafilesta. Na mebuso eo e metle ho fetisa mebuso ena, kapa a naha ya bona e kgolo ho naha ya lona na,

Ver Capítulo Copiar




Amose 6:2
19 Referencias Cruzadas  

Puso ya hae e qalehile Babele, le Ereke, le Akade, le Kalene, naheng ya Shinare.


Ha Toi, kgosi ya Hamate, a utlwa hore kgosi Davida o hlotse lebotho lohle la Hadade-Esere,


Ka yona nako eo, Solomone a etsa mokete, a ena le Baiseraele bohle, ba neng ba kgobokane ka bongata bo boholo, ho tloha Kgorong ya Hamate, ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta. Mokete ona wa ketekelwa Morena ka matsatsi a supileng, le ka matsatsi a supileng hape, ya eba matsatsi a leshome le metso e mene kaofela.


Jwale kgosi ya Asiria ya tlisa batho ba tswang Babilona, le Kuta, le Afa, le Hamate, le Sefarafaime, ya ba bea metseng ya Samaria, moo e neng e le ha Baiseraele. Samaria ya eba ya bona, mme ba aha metseng ya yona.


Bafaladi ba tswang Babilona ba iketsetsa modimo o bitswang Sukote-Benote; ba tswang Kuta ba iketsetsa o mong o bitswang Neregale; ba tswang Hamate ba iketsetsa o bitswang Ashima.


E kae medimo ya Hamate le ya Arepade? E kae medimo ya Sefarafaime, le Hena, le Ifa? Na e namoletse Samaria matsohong a ka?


E kae kgosi ya Hamate, le kgosi ya Arepade, le kgosi ya motse wa Sefarafaime, le ya Hena, le ya Ifa?’ ”


O ile a tsamaya, a futuhela Bafilesita, a thua lerako la Gate, le lerako la Jabene, le lerako la Ashedode; a haha le metse Ashedode le hara Bafilesita.


Malebana le Damaseka Morena o re: “Baahi ba Hamate le ba Arepade ba tsielehile, hobane ba utlwile taba tse bohloko. Pelo tsa bona di nyahame haholo, di tshwenyehile sa lewatle le tsudubutlana.


Na o lokile ho feta Tebese, e neng e hahilwe bopong la Nile, e neng e potapotilwe ke metsi? Lewatle le ne le e haheleditse, metsi a lona a e etseditse lerako.


Yare a sa ntsane a bua le bona, a bona seqhobanehadi se se se etla. Lebitso la sona e ne e le Goliate wa Mofilesita wa Gate, a etswa mabothong a Bafilesita. O ne a ntse a pheta mantswe ao a nnileng a a bua pele ho mona. Davida a utlwa mantswe ao.


Diahelong tsa Bafilesita ha tswa seqhobanehadi. Lebitso la sona e ne e le Goliate, a etswa Gate. Bolelele ba sona e ne e batla e le dimethara tse tharo.


Yaba ba isa areka ya Modimo motseng wa Ekerone. Ha areka ya Modimo e fihla Ekerone, baahi ba Ekerone ba howa, ba re: “Ba re tliseditse areka ya Modimo wa Baiseraele ho tla re bolaya le ho tla bolaya setjhaba sa habo rona!”


Yaba ba roma maqosa ho ba memela dikgosi tsohle tsa Bafilesita, ba re ho tsona: “Re etseng ka areka ee ya Modimo wa Baiseraele?” Dikgosi tsa araba, tsa re: “Nkang areka ena ya Modimo wa Baiseraele, le e ise Gate.” Yaba ba nka areka eo ya Modimo wa Baiseraele, ba e isa teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos