Numere 34:8 - BIBELE8 ho tloha Thabeng ya Hore le tla o seha ho ya fihla lekgalong la Hamate, mme o yo fella Sedade. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)8 ho tloha thabeng ya Hore le tla o fetisa ka Hamathe, o kene Tsedade, Ver Capítulo |
Ka yona nako eo, Solomone a etsa mokete, a ena le Baiseraele bohle, ba neng ba kgobokane ka bongata bo boholo, ho tloha Kgorong ya Hamate, ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta. Mokete ona wa ketekelwa Morena ka matsatsi a supileng, le ka matsatsi a supileng hape, ya eba matsatsi a leshome le metso e mene kaofela.